A. Maemo a Renang ha Jwale
1. Motlase
1.1. Kabinete e amohetse taba ya ho kenella ha mmuso mathateng a motlakase naheng ena. Mehato ena e betla tsela e yang boitekong ba ho fedisa ho kgaolwa ha motlakase ka maikemisetso a ho o baballa, ho fetolwa ha lekala la motlakase le ho ba le tharollo ya nako e telele tabeng ya motlakase.
1.2. Ho kenya letsoho ho fokotseng mathata a phepelo ya motlakase naheng ena, re tlameha ho fokotsa tshebediso ya ona ka megawatts tse 600 naheng ka bophara dikgweding tsena tse tharo tse tlang.
1.3. Malapa le ona a ka nka karolo ho fokotseng hona ha tshebediso ya motlakase ka ho tima mabone a sa hlokahaleng le disebediswa tse jang motlakase haholo nakong ya tshebediso e phahameng ya motlakase. Dikgwebo le tsona tlhahisong ya tsona di kgothaletswa ho sebedisa thekenoloji ya sejwale jwale ho leka ho fokotsa tshebediso e matla ya motlakase.
2. Letsholo la Vulindlela
2.1. Kabinete e amohetse kgatelopele e seng e fihletswe tlasa Letsholo la Vulindlela ho leka ho fokotsa tshubuhlellano e neng e le teng lekaleng la motlakase, la tsa kgokahano, la metsi ha mmoho le la bohahlaudi ka maikemisetso a ho aha moruo botjha.
2.2. Ho se ho tsoseleditswe botjha meralo ya motheo e robong ho e 26 mme e 11 le yona e bontsha kgatelopele. Hara dikatleho tse seng di fihletswe re ka bala le ho nyollwa ha tekanyetso ya tlhahiso ya motlakase ke bahlahisi ba ikemetseng, ntlafatso ya Taolo ya Naha ya Boemakepe ba ha Transnet, ho lekolwa botjha ha letoto la mesebetsi e bohlokwahadi, ho sebediswa ha mokgwa wa inthanete wa ho kenya kopo tsa Visa dinaheng tse 14, ho kenyeletsa le dibaka tse ntjha tse kgolo tsa bohahlaudi tse kang Tjhaena, Indiya, Kenya le Nigeria.
3. Ditlhekefetso tsa Bonng le ho Bolawa ha Basadi (GBVF)
3.1. Kabinete e halefisitswe ke ketso e soto ya ho betwa ha basadi ba robedi mane Krugersdorp, Gauteng. Ketso tsena tse sehloho ha mmoho le ho hlekefetswa ha basadi di kgella fatshe mosebetsi wa setjhaba. Kabinete e boetse e thoholetsa Sepolesa sa Afrika Borwa ka ho potlaka ho tshwara babelaellwa diketsong tsena tsa bonokwane.
3.2. Kabinete e ipiletsa ho setjhaba ho sebedisana le mekgatlo e qobellang molao ka ho fana ka lesedi kapa hona ho tlaleha diketso tse belaetsang. Ha re sebedisana re ka fetola setjhaba sa rona ho ba dibaka tse bolokehileng bakeng sa bana le basadi.
3.3. Moafrika Borwa e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho lwantsha diketso tsa dikgoka ka tsela tse molaong. O ka tlaleha diketso tsohle tsa GBVF sepoleseng se haufi kapa o letsetse Nomoro ya Mahala ya ho Tlaleha Ditlolo tsa Molao: 08600 10111, kapa ya Naha ya ho Tlaleha Diketso tsa GBVF: 0800 428 428 kapa ya ho Tlaleha Diketso Tlhekefetso ya Bonng: 0800 150 150.
4. Kgwedi ya Basadi
4.1. Kgwedi ena ya Basadi e Ketekwa selemo le selemo ho hlompha basadi bohle ba ileng ba lwanela tokoloho ya naha ena le basadi bohle setjhabeng sa rona.
4.2. Selemong sena Kgwedi ena ya Basadi e ketekilwe tlasa lepetjo le reng: “Tshehetso le Ditokelo tsa Basadi Moruong le Setjhabeng: Kaho Botjha bakeng sa Ntlafatso le Matlafalo ya Basadi.”
4.3. Basadi ba fetang 20 000 ba ileng ba hwantela Union Buildings, Tshwane ka la 9 Phato 1956, ba ne ba netefatse hore tekatekano ya bonng e ba ya bohlokwa ho demokrasi ya Afrika Borwa.
4.4. Sebete sa bona se ile sa kgothatsa basadi ka kakaretso ho bapala karolo ya bona Palamenteng, mmusong le setjhabeng, mme re tswelapele le moralo ona ho tloha re fumane tokoloho ka 1994.
5. Sehopotso sa Marikana
5.1. Ka Labobedi la la 16 Phato 2022, mmuso le setjhaba ba ile ba kopana mmoho ho hopola koduwa e neng e etsahale Marikana, Leboya Bophirima ka 2012. Bohloko ba basebetsi bao, ba malapa a bona esitana le setjhaba ka kakaretso bo tla dula bo hopoleha nalaneng ya rona.
5.2. Ho thehilwe Lenaneo la Ntlafatso ya Marikana ho tlisa maemo a tla dumella ho ntlafatswa ha maphelo a setjhaba sa Marikana. Ngwahola mmuso o lefile tjhelete ya ditlhapiso e kalo ka dimilione tse R176 ho malapa a mahlatsipa mme nyewe e ntseng e tswelapele lekgotleng la dinyelwe yona e tlameha ho fela pele ho mafelo a Phato 2022.
5.3. Ho na le matlo a ntlafaditsweng le a ahilweng botjha bakeng sa bahlolohadi ba marikana mme tse ding di tla qetelwa selemong sena. Ho na le projeke ya kaho ya matlo ya dimilione tse R700 e tla etsa hore basebetsi ba merafong ba dule matlong a maemong a matle. Ho teng mehato e seng e nkilwe ho ntlafatsa maphelo a batho ba sebetsang merafong.
6. Imbizo ya Mopresidente ya Gauteng ya Lenaneo la Ntlafatso ya Ditereke (DDM)
6.1. Ka Labohlano la la 12 Phato 2022, Masepala wa Setereke wa Sedibeng mane Gauteng o ne o tshwere Imbizo ya bone, e neng e eteletswe ke tse tharo tse neng di tshwaretse Leboya Bophirima, Foreisitata le Mpumalanga.
6.2. Tlasa lepetjo le reng: “Ho se be le ya salang”, Mopresidente Cyril Ramaphosa o ne a eteletse pele kemedi ho tswa mmusong wa naha, wa profensi esitana le wa bommasepala. Ho ile ha etswa kgoeletso ho Maafrika Borwa ka ho fapana hore a tshwarane ho lwantshana le bofuma hammoho le masisapelo a bakwang ke maemo a mabe a moruo.
6.3. Setereke sa Sedibeng se se se hatetse pele Lenaneo la Ntlafatso ya Moruo la Noka ya Lekwa (SEZ) le nang le kgonahalo ya tsoseletso ya moruo wa sedika seo, profensi eo esitana le naha ka bophara. Lenaneo lena la Noka ya Lekwa le ikemiseditse ho kenyeletsa makala a latelang a bohlokwa: Sitsi se Setjha sa Thekenoloji sa Noka ya Lekwa; Thekenoloji ya Tlhahiso ya Motlakase wa Metsi; thekiso ya dihlahiswa tsa matekwane; tsamaiso ya dihlahiswa tsa tsa temo; kaho ya boemafofane ba difofane tse kgolo le tse nyane; tsamaiso ya thepa ka difofane le ntlafatso ya tlhahiso ya tshepe.
7. Seboka sa Mopresidente sa Lekala la Setjhaba
7.1. Seboka sa Mopresidente sa Lekala la Setjhaba se ne se tshwaretswe Ekurhuleni mane Gauteng ka la 4 le la 5 Phato 2022 mme lepetjo la teng le ne le re “Tshehetso ya Tshebedisano ya Setjhaba ho Thusa Setjhaba ho Nka Karolo Moruong le Tabeng tsa Setjhaba.” Seboka sena se ile sa kopanya batho ho tswa makaleng a fapaneng ho tla sebetsa mmoho le mmuso ho tobana le mathata a setjhaba ha mmoho le a moruo, esitana le ho sebedisa dihlahiswa tsohle tse teng molemong wa setjhaba.
7.2. Seboka sena se nkilwe e le seboka sa ditlaleho ho tswa diprofensing kaofela mathateng ao di nang le ona ho kenyeletsa tshehetso ya ditjhelete, mathata a mabapi le taolo, ntlafatso ya lekala lena la setjhaba ka maikemisetso a ho sebedisana le setjhaba ho ka rarolla mathata a kang bofuma, ho se lekalekane ha mmoho le leqeme la mesebetsi.
7.3. Kabinete e etsa kgoeletso ho mekgatlo ya setjhaba ho nka karolo ka maikemisetso a ho aha bokamoso bo betere ho latela Morero wa Ntshetsopele ya Naha: la Tjhebelopele ya 2030.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Moralo wa Diindasteri tsa Setso le Bonono
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha Moralo wa Diindasteri tsa Setso le Bonono. Moralo ona o tobane haholoholo le taba ya tlhahiso ya bonono ba ditshwantsho; mesebetsi ya matsoho le ho rala; ditshwantsho le mmino; mesebetsi ya meralo le bonono; dipapadi le menyanyako, ho kenyeletsa mmino, diphatlalatso le kgatiso.
1.2. Moralo ona o tla kenella makaleng ana ho thusa ho tlisa diphetoho lekaleng la bonono hore le kgone ho tsebisahala boemong ba matjhaba. Sena se tla etsa hore lekala lena le kgone ho sebetsa kwano le matjhabeng.
2. Tokomane e Lekotsweng Botjha ya Kadimo ya Ditjhelete tsa Tshohanyetso ke Bommasepala
2.1. Kabinete e tjhaetse monwane dintlafatso tse entsweng Tokomaneng ya Kadimo ya Ditjhelete tsa Tshohanyetso ke Bommasepala. Dintlafatso tsena di entswe karolong ya dikadimo feela. Tse ding tsa dintlafatso ke tsa ho lelefatsa nako ya lefa tjhelete ya kadimo ho tsamaisana le boleng ba thepa e rekilweng. Dintlafatso tsena di boetse di hlakisa karolo ya dibanka tsa thuso ya ditjhelete ho kadimeng bommasepala ditjhelete.
2.2. Karolo ya bo 230 ya Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996, e dumella bommasepala ho kadima ditjhelete bakeng sa ho reka thepa kapa ho lefa dikoloto. Tokomane ya pele e ne e tjhaelwe monwana ke Kabinete ka selemo sa 2000 e le ho tataisa Kgaolo ya bo 6 le ya bo 13 ya Molao wa Kadimo ya Ditjhelete ke Bommasepala wa 2003, (Molao wa bo 56 wa 2003). Dintlafatso tsena di tlisa merokotso e itseng ho dikhamphane tse kadimang bommasepala tjhelete, empa o sa kgeloha maikemisetsong a tokomane ena a sethatho e leng a dikadimo.
3. Ho Phatlalatswa Pele ho Nako ha Tokomane ya Dipalopalo tsa Ditlolo tsa Molao tsa Kotara tsa Selemo sa Ditjhelete sa 2022/23
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana tshisinyo ya ho phatlalatswa pele ho nako ha tokomane ya dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa kotara tsa selemo sa ditjhelete sa 2022/23. Kabinete e tjhaetse monwana dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa kotara tse sa tswa phatlalatswa. Sena se etseditswe ho fetola nako ya ho phatlalatswa ha dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa naha.
3.2. Dinako tse sisintsweng tsa phatlalatso ya dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa kotara ke Phato 2022 bakeng sa kotara ya pele le Pudungwana 2022 bakeng sa kotara ya bobedi. Tsa kotara ya boraro le ya bone tsona di tla phatlalatswa ka ho latellana ka Hlakola le Motshehanong 2023.
4. Ho Fediswa ha Maemo a Koduwa Naheng
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho fediswa ha Maemo a Koduwa Naheng ho latela dikgohola tse neng di le Kapa Botjhabela le KwaZulu-Natal.
4.2. Maemo ana a fedisitswe ka la 18 Phato ho latela ho eketswa ha nako ya teng ka la 18 Phupu 2022. Ho eketswa hona ha nako e ne e le ho fana ha nako ho makala a mmuso a neng a shebane le tshenyo e neng e bakilwe ke maemo a lehodimo diprofensing tsena tse amehileng.
4.3. Kabinete e dumellane hore maemo a renang ha jwale ha a sa hloka mehato e matlafetseng jwalo ka ha makala a mmuso, a ikemetseng le mekgatlo ya setjhaba di tla tswela pele ho fana ka thuso le kaho botjha.
C. Tshisinyo tsa Melao
1. Tshisinyo ya Molao wa ho Ngodisa Ditsha wa Selemo sa 2022
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao wa Ngodiso ya Ditsha wa Selemo sa 2020 ho tla sekasekwa ho ya pele. Kabinete e ne e tjhaele Tshisinyo ena monwana ka Phuptjane 2020 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
1.2. Dintlafatso tse tshisinyong ena di tla thusa ho netefatsa taba ya ho ba le mobu e ngotsweng Karolong ya bo 25(6) ya Molaotheo wa Afrika Borwa wa 1996. Tshisinyo ena e fana ka dipalopalo ho ya ka merabe, bonng, bodudi le boahi ba naha ho batho ba nang le ditokelo tsa ho ba le mobu Afrika Borwa.
2. Tshisinyo ya Molao o Shebaneng le Mokgatlo wa Meralo ya Motheo ya Metsi wa Selemo sa 2022 (NWRIA)
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa NWRIA wa 2022 bakeng sa maikutlo a setjhaba ho tla nka matsatsi a 90. Tshisinyo ena ya molao ka yona ho ikemiseditswe ho tla le meralo, tshehetso ya ditjhelete le kaho ya meralo ya motheo ya metsi bakeng sa naha ena. E tla boele e laola le taolo ya meralo ya motheo ya metsi e teng ha jwale.
2.2. Mokgatlo ona o tla netefatsa phepelo e otlolohileng le e tshepahetseng ya metsi, e ikamahantseng le Molaotheo wa naha. Mokgatlo ona o tla thehwa e le Lekala la Mmuso tlasa Shetjule ya bobedi ya Molao wa Tshebediso ya Ditjhelete tsa Setjhaba, wa 1999 (Molao wa 1 wa 1999). Mokgatlo ona o tla etsa mosebetsi oo ha jwale o etswang ke Trans-Caledon Tunnel Authority.
3. Tshisinyo ya Molao o Dumellang Bommasepala ho Iketsetsa Lekgetho wa Selemo sa 2022
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao o Dumellang Bommasepala ho Iketsetsa Lekgetho wa Selemo sa 2022. Tshisinyo ena e etsa dintlafatso Molaong o laolang Matla a Bommasepala a ho Iketsetsa Lekgetho wa Selemo sa 2007, (Molao wa bo 12 wa 2007).
3.2. Dintlafatso tsena di tlo laola matla a bommasepala a ho lefisa lekgetho bakeng sa dintlafatso tsa mobu tse tliswang ho bona. Dintlafatso tsena di tlo netefatsa hore bommasepala ba lefisa lekgetho ka nepo le ka tsela e hlokang leeme. Kabinete e ne e tjhaele Tshisinyo ena monwana ka 2020 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
4. Tshisinyo ya Molao o Laolang Ditaba tsa Ditjhelete wa Selemo sa 2022
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao o Laolang Ditaba tsa Ditjhelete wa Selemo sa 2022. Tshisinyo ena ya molao ka yona ho ikemiseditswe ho ntlafatsa melao e supileng, e leng (1) Molao o Laolang ho Sebetsa ha Dikhamphane tsa Dipenshene, wa 1963 (Molao wa bo 41 wa 1963); (2) Molao o Laolang Penshene ya Masole, wa 1976, (Molao wa bo 84 wa 1976); (3) Molao o Laolang Penshene ya Basebeletsi ba Mmuso wa 1996; (4) Molao o Laolang Komeshene e Shebaneng le Lekgetho, wa 1997 (Molao wa bo 99 wa 1997; (5) Molao o Laolang Banka ya tsa Temo le Mobu, wa 2002 (Molao wa bo 15 wa 2002); (6) Molao o Laolang ho Sebetsa ha Bahlahlobi ba Dibuka tsa Ditjhelete wa 2005 (Molao wa bo 26 wa 2005 le (7) Ntlafatso ya Molao o Laolang ho Sebetsa ha Bahlahlobi ba Dibuka tsa Ditjhelete wa 2021 (Molao wa bo 5 wa 2021)
4.2. Ho Molao o Laolang Dipenshene tsa Masole wa 1996 ho kenyeleditswe hore motho a kenye molekane wa hae mme seo se nkuwa e ka se etsahetse ho tloha ka la 27 Mmesa 1994. Dintlafatso molaong ona wa dipenshene o tla thusa hore balekane ba masole ba kgone ho fumana karolo ya bona hang hang ha ba kgaola lenyalo.
4.3. Ho hong hape, dintlafatso tsena di tla hlakisa karolo ya Letona La Matlotlo mme lehlakoreng la mosebetsi wa ho hlahloba dibuka teng dintlafatso tsena di fetola hanyane matla a komiti ya bahlahlobi ba dibuka ha ho etsahetse mohlahlobi wa dibuka a fumanwa a le molato. Tshisinyo ena ya molao e ile ya phatlalatswa ka Hlakola 2022 bakeng sa maikutlo a setjhaba.
5. Tshisinyo ya Dintlafatso Molaong o Akaretsang (Phapanyetsano e seng molaong ya Ditjhelete le ho Thibela ho Tshehetsa Botshosetsi ka Ditjhelete) wa 2022
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Dintlafatso Molaong o Akaretsang (Phapanyetsano e seng molaong ya Ditjhelete le ho Thibela ho Tshehetsa Botshosetsi ka Ditjhelete) wa 2022 ho ka sekasekwa ho ya pele.
5.2. Tshisinyo ena ya molao e tlisa dintlafatso melaong e latelang (i) Molao o Laolang Tshebediso ya Ditjhelete tsa Mautlwela, wa 2001 (Molao wa bo 38 wa 2001); (ii) Molao o Laolang ho Sebetsa ha Mekgatlo e sa Etseng Phaello, wa 1997 (Molao wa bo 71 wa 1997); (iii) Molao o Laolang Thepa e Laolwang ke Matlole, wa 1988 (Molao wa bo 57 wa 1988; (iv) Molao o Laolang ho Sebetsa ha Dikhamphane, wa 2008 (Molao wa bo 71 wa 2008) le (v) Molao o Laolang Lekala la Ditjhelete, wa 2017 (Molao wa bo 9 wa 2017).
5.3. Dintlafatso tsena di kgona ho rarolla mathata a neng a fumanwe ke Komiti e Ikgethang e neng e Lekola Maemo a Ditjhelete tsa Naha (FATF). Komiti ena e ne e etse dikgothaletso tse 40 tse tla thusa Afrika Borwa hore e kgone ho sebetsa ka tsela ya matjhaba mabapi le ho lwantsha phapanyetsano e seng molaong ya ditjhelete mmoho le tshehetso ya botshosetsi ka ditjhelete.
5.4. Ho ne ho fumanehe hore Afrika Borwa e ne e haella dikarolong tse 20. Tshisinyo ena ya molao e tla lokisa dikarolo tse 14 ho tsena tse badilweng. Afrika Borwa haesale e le setho sa FAFT ho tloha ka 2003.
6. Tshisinyo ya Molao o Laolang Tshebediso ya Dithethefatsi le ho Thibela Phapanyetsano ya Tsona e seng Molaong wa 2002
6.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palamenteng ha Tshisinyo ya Molao o Laolang Tshebediso ya Dithethefatsi le ho Thibela Phapanyetsano ya tsona e seng Molaong ya 2002 ho ka sekasekwa ho ya pele. Molao o Laolang Tshebediso ya Dithethefatsi le ho Thibela Phapanyetsano e seng Molaong ya tsona, wa 1992 (Molao wa bo 140 wa 1992) o bolelang hore ke tlolo ya molao ho hlahisa dithethefatsi tse ngotsweng ho Shetjule ya Pele le ya Bobedi ya Molao ona.
6.2. Dintlafatso tsena di bolela ha Karolo ya bo 63 ya molao oo e se molaong, e sa dumellane le molaotheo wa naha jwalo ka ha shetjule ya molao ona e dumella Letona ho etsa diphetoho molaong ona ntle le ho latela tsela e nepahetseng ya ketsa molao.
6.3. Ka 2020, Lekgotla la Molaotheo le ne le bolele ha Karolo ya bo 63 ya Molao o Laolang Tshebediso ya Dithethefatsi le ho Thibela Phapanyetsano ya Tsona e seng Molaong wa 1992 mme lekgotla la neha Palamente ho fihlela ka la 17 Tshitwe 2022 ho lokisa phoso eo.
Ketsahalo e Tlang
1. Mohope wa Lefatshe wa Rugby Sevens wa 2022
1.1. Afrika Borwa e tlo tshwara Mohope wa Lefatshe wa Rugby Sevens wa 2022 mane Kapa ka la 9 le la 11 Lwetse 2022. Mohope ona o tla be o tshwarelwa lekgetlo la pele kontinenteng ya Afrika moo dihlopha tsa banna ba 24 le sa basadi ba 16 di tla beng di qothisana lehlokwa.
D. Melaetsa
1. Diteboho
Kabinete e lebisa diteboho le ditakaletso tse ntle ho:
- Banyana Banyana, ka ho etsa nalane ka ho hapela Afrika Borwa Mahope wa Pele wa Basadi wa Dinaha tsa Afrika (WAFCON), ka ho hlola naha ya Morokho papading ya makgaolakgang ka Moqebelo wa la 23 Phupu 2022. Tlholo ena ya bona e ba kentse Mohopeng wa Lefatshe wa FIFA wa Basadi o tla tshwarelwa naheng ya Australia le New Zealand ho tloha ka la 20 Phupu ho ya ho 20 Phato 2023.
- Sehlopha sa Afrika Borwa, ka ho hapa dimetale tse 27 dipapading tse fapafapaneng Dipapading tsa Commonwealth mane Birmingham, Englane ho tloha ka la 28 Phupu ho ya ho 8 Phato 2022. Sehlopha sena se ne se be maemong a borobong ka metale tse supileng tsa kgauta, tse robong tsa silifera le tse 11 tsa bronze.
- Sehlopha sa Basadi sa Springbok, ka ho hlola naha ya Spain Letotong la Dipapadi tsa Basadi tsa Mariha tse neng di bapalla Lebaleng la Emirates Airline Park, Johannesburg.
- Mme Ndavi Nokeri (23), ka ho ba Mmabotle wa Afrika Borwa wa 2022.
- Mme Ashleigh Buhai, ka ho hapa Dipapadi tsa 2022 tsa AIG Women’s Open mme e ba mosadi wa boraro wa Afrika Borwa wa ho hapa kgau ya kgauta.
2. Matshidiso
Kabinete e fetisetsa matshidiso a yona ho lelapa le metswalle ya:
- Tokollo “Magesh” Tshabalala (46), sebini le sengodi sa dipina ya neng a tumi nakong eo ba neng ba theha sehlopha sa TKZee ka 1996 le metswalle ya hae e mmedi.
3. Kgiro
1. Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.1. Mme Zenkosi Dumile Mhlongo Motlatsi wa Molaodi Kakaretso (DDG): Karolong ya Dipatlisiso ka Melawana le Taolo Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo.
1.2. Ngaka Bongani Elias Sithole jwalo ka DDG: Sitsing sa Nala sa Taolo ya Dikoduwa Lefapheng la Puso ya Kopanelo.
1.3. Ntate Adam Mthombeni jwalo ka DDG: Dikamanong tsa Mafapha a Mmuso Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo ya Motheo.
2. Kabinete e dumellana le ho hirwa ha batho ba latelang:
2.1. Ngaka Zwanani Titus Mathe jwalo ka Motsamaiso ya ka Sehloohong Mokgatlong wa Ntshetsopele ya Eneji Afrika Borwa.
2.2. Ditho tsa nakwana tsa Mokgatlo wa Naha o Laolang Taba tsa Motlakase Afrika Borwa:
- Ntate Thembani Bukula (Modulasetulo);
- Mme Zandile Mpungose (Motlatsi wa Modulasetulo);
- Mme Precious Sibiya;
- Mme Thembeka Semane; le
- Ntate Fungai Sibanda (o kgethilwe hape).
2.3. Modulasetulo le setho sa Moifo wa Boto ya Thekenoloji ya Dimenerale:
- Ngaka Thibedi Ramontja (Modulasetulo); le
- Moprofesara Lwazi Ngubevana.
2.4. Mme Cladie Thamo Hloniphile Mzobe jwalo ka Motsamaisi e Moholo wa Sedika wa Mokgatlo wa Tshireletso wa Afrika Borwa wa KwaZulu-Natal.
Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139