Kabinete e kopane ka Laboraro, 16 Mphalane 2019 mane Tuynhuys e Motse Kapa
A. Dintlha tsa ha Jwale
1. Tekanyo ya Poello e Hodimo ya Lekeno la Tlhahiso ya ka hara Naha
1.1. Kabinete e ananela dipheto tsa Tekanyo ya Poello e Hodimo ya Lekeno la Tlhahiso ya ka hara naha ya selemo le selemo ya Seboka sa Moruo sa Lefatshe e bontshang ha Afrika Borwa e nyolohetse hodimo ka dibaka tse supa; sena se hohela batsetedi haholo le ho baka monyetla wa ho theha mesebetsi e hlokehang haholo.
1.2. Pehelo e bontsha ha Afrika Borwa e ngodisitse ‘kgatelopele e babatsehang’ ho boleng ba puso, e jwalo ka ho kgutlisa botsitso ba matla ho ditheo tsa mmuso, le ho atolosa tsamaiso e hantle ya lekala la mmuso le mmuso wa kopanelo.
1.3. Afrika Borwa e ile ya boela e fihlella dintlha tse 100 ho “ikhwithi e tswetsepele hantle, inshorense le dimaraka tsa mokitlane”, mme e le boemong ba bo19 ho setsi sa ditjhelete sa lefatsheng. Pehelo ena e boela e nehela naha dintlha tse hodimo mabapi le ho ba “le ditheo tsa ditsela tse qhobelang pele ka ho fetisisa lebatoweng” (boemong ba bo45) le boholo ba maraka (boemong ba bo 35).
1.4. Boemo bo ntlafatseng bo paka hore bonamodi ba mmuso ba ho matlafatsa mekgahlelo ya ho aha tsoseletso ya moruo bo qala ho kgola ditholwana tse molemo. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa hore ba ahele hodima dikatleho tsena tse babatsehang ha re ntse re Hodisa Afrika Borwa Mmoho.
2. Letsete
2.1. Kabinete e ananela botsetedi ba Toyota ya Afrika Borwa mane Kenya bo tla etsang hore naha e bokele botjha dikarolo tsa Toyota Hilux tse hlahisitsweng ke khamphani ya polante ya tlhahiso e Durban. Hona ho ikamahantsha le ho phahamisa kgwebisano e ka hara Afrika le ho matlafatsa lekala la tlhahiso ya dikoloi kontinenteng.
2.2. Jwalo ka karolo ya ho hohela batsetedi ba bangata, Mopresidente Cyril Ramaphosa bekeng ena o ile a buisana le batsetedi le baetapele ba kgwebo ka thoko ka Sebokeng sa Afrika sa Dinako tsa Ditjhelete sa bo6 mane London. O ile a nehelana ka puo ya pulo sebokeng, e ileng ya tsepama ho ditaba tsa kgwebo le menyetla e dinaheng tsa Afrika.
2.3. Seboka sa Letsete sa Afrika Borwa sa bobedi se tla nkang sebaka ho tloha ka la 5 ho ya ho la 7 Pudungwana 2019. Seboka se tla boela se batle ho pokeletsa R1.2 trilione ya letsete dilemong tse hlanong tse tlang le ho phahlalatsa naha e sebaka se ratelwang ho botsetedi.
3. Paballo ya metsi
3.1. Ha e le moo re atomela dikgwedi tsa lehlabula, Kabinete e ipiletsa ho batho bothle Afrika Borwa hore ba sebedise metsi ka maikarabelo le polokehelo.
3.2. Kabinete e boela e theholetsa ditho tsa setjhaba ka mamello eo ba tla tswellang ho ba le yona nakong eo ho reruweng ho kwala phepelo ya metsi a Lenaneo la Metsi a Dihlaba a Lesotho ke Kemedi ya Ntshetsopele ya Dihlaba tsa Lesotho le Kemedi ya Thanele ya Trans-Caledon ka Mphalane le Pudungwana ka 2019. Ho kwala ha metsi ke ho dumella tlhahlobo ya tlhokomelo ya tshebetso, e leng bohlokwa ho phetahatswa ka mora dilemo tse ding le tse ding tse 10.
3.3. Bonamodi bo potlakileng bo ile ba phetahatswa ho thusa ho bebofatsa kgahlamelo ya komello e tsitlalleletseng mane Kapa Leboya. Bonamodi ke karolo ya Kabobotjha ya Naha le Lenaneo la Tshehetso ya Nyalanyo ya Borapolasi le Mapolasi. R30 milione e bolokilweng e bohlokwahlokwa molemong wa bonamodi ba potlako ho rekeng le ho nehelaneng ka furu ho sehlopha sa borapolosi le bommapolosi e le mokgwa wa thuso wa nakwana. Mmuso o tla boela o eketsa bokgoni ba ho nehelana ka metsi ka ho tjheka didiba tsa metsi tse ding tse ngata dibakeng tse amahehileng profenseng ena.
3.4. Hodima mona meralo ya thusetso ya tshohanyetso ya Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Kabinete e ipiletsa ho batho bohle naheng hore ba tswelle ho boloka metsi, ka ha e le mohlodi o haellang haholo naheng ya Afrika Borwa.
4. Ditlhahlobo tsa Setifikeite se Phahameng sa Naha (NSC)
4.1. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle mahlohonolo ha ba ntse ba itukisetsa ditlhahlobo tsa mafelo a selemo. Ditlhahlobo tsa NSC tsa Sehlopha sa Materiki sa 2019 di tla ngolwa ho tloha ka 23 Mphalane ho isa ho 28 Pudungwana 2019. Kakaretso ya baithuti ba dinako tsohle ba 629 197 le ba 122 471 ba nakwana ba ingodiseditseng ho ngola tlhahlobo.
4.2. Lekgotla la Netefaletso ya Boleng ka Kakaretso le Thuto e Phahameng le Boikwetliso (Umalusi) le netefaditse maemo a boitukiso a Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE) le mafapha a lona a diprofenseng ho tsamaisa NSC ya 2019.
4.3. Kabiente e kgothaletsa batswadi le bahlokomedi hore ba tshehetse bana ba bona ka mekgwa eo ba ka kgonang ka yona ho itukisetsa ho tloha dilemong tse 12 ba le sekolong. Setjhaba se kgothaletswa hore se thehe tikoloho e hantle molemong wa bana ha ba ngola ditlhahlobo tsa bona tsa ho qetela.
5. Morero wa Naha wa Thuso ya Matlole a Baithuti (NSFAS)
5.1. Kabinete e ipiletsa ho baithuto bohle bao e leng hore ba tshwanetswe ke ho fumantshwa matlole a NSFAS a selemo sa dithuto sa 2020 ba kenye dikopo. Nako ya dikopo tsa NSFAS e se e buletswe baithuti ba lakatsang ho ntshetsa dithuto tsa bona pele diyunivesithing le Kholejing tsa Thuto ya Matsoho le Dipitso (DPME).
5.2. Letsatsi la ho qetela la ho kenya dikopo tsa matlole a NSFAS ke la 30 Pudungwana 2019. Bohle ba se ntseng ba una molemo morerong ona ha ba hloke ho kenya dikopo hape.
6. Sekga sa Lekgetho
6.1. Kabinete e theoheletsa dimilione tsa balekgetho ba se ntseng ba phethetse dipoello tsa lekgetho tsa bona. Pokello ya lekeno e nepahetseng e hantle e netefatsa puso e matla ya lekeno la mmuso.
6.2. Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa (SARS) e tla bula ka Meqebelo ho tloha ka 08:00 ho fihlela ka 13:00 ka Mphalane 2019 ho thusa balekgetho ho kenya dipoello tsa lekgetho la lekeno tsa bona.
6.3. Balekgetho ba hopotswa ho boloka dipalo tse tshehetsang le diresiti tse tshehetsang tsamaiso ya ho phethela. Belekgetho ba kgothaletswa ka matla hore ba sebedise ditjhanele tsa eFiling ya SARS le MobiApp tse nehelanang ka dipoheho tse atolositsweng tse leng bobebe ho sebediswa ke basebedi ka dinako tsohle.
7. Dikgoka tse kgahlano le bong le dipolao tsa basadi (GBVF)
7.1. Kabinete e theoheletsa mafokisi a Yuniti ya Dikgoka tsa ka Malapeng, Tshireletso ya Bana le Ditlolo tsa Molao ka Thobalano ya Tshebeletso tsa Seponesa sa Afrika Borwa e KwaZulu-Natal, ao a ileng a sebetsa ka boitelo ho fihlella dikahlolo tse 35 tsa bophelo bohle tjhankaneng le dilemo tse 621 tjhankaneng kgahlano le baetsi ba ditlolo tsa molao ka thobalano kgweding ya Loetsi feela.
7.2. Kabinete e tswella ho itlama ka ho matlafatsa ditheho tsa mmuso le ho netefatsa hore baetsi ba GBVF ba kwallwa ka potlako le ho tobana le letsoho la mmuso ka kotloloho. Kabinete e boela e phetapheta ho ipiletsa ho setjhaba hore se tswelle ho sebedisana mmoho le dikemedi tsa phethahatso ya molao ho emisa dikgoka tse kgahlano le basadi le bana Afrika Borwa.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Moralo wa Nyalanyo ya Phano ya Eneji (IRP) wa 2019
1.1. Kabinete e ananetse phatlalatso ya IRP2019, e tla nehelana ka moralo wa ponelopele ya ho tswaka eneji ya naha ka dilemo ho fihlela ka 2030.
1.2. Ka Phato 2018, Kabinete ananetse ho phatlalatsa moralo wa IRP2018 wa dipuisano le setjhaba, tse nkileng sebaka ka Loetse le Pudungwana 2018. Boholo ba diphehiso di fumanwe ho tswa ho setjhaba, ditsebi tsa lekala la matla le ba nang le seabo ba amehang ba jwalo ka Lekgotla la Ntshetsopele ya Moruo wa Naha le la Basebetsi le Komiti ya Potefolio ya Eneji, ba neng ba kenyeleditswe ho IRP2019.
1.3. Moralo o sisinya bonamodi bo robong ho netefatsang hore naha e arabela ditlhoko tsa eneji tsa mengwaha e leshome.
Bonamodi bo tswa ho maqalong a papiso a ha jwale a tlhoko le phano ya eneji ya naha le maitlamo a naha a lefatsheng a ho ba le tokollo e tlase ya maemo tshilafatso ya lefatshe.
1.4. Moralo o ntse o wela tlasa moralo wa ho batlana le motswako wa eneji o fapaneng o tla fokotsa ho itshetleha ho mohlodi wa eneji o le mong kapa e mmalwa feela. O tla lokisa ho ikamahantswe le tikoloho ya lekala la eneji e ntse e fetoha.
1.5. IRP2019 e ananetsweng e tla kengwa koranteng ya mmuso mme e tla fumaneha ho websaeteng ya Lefapha la Dirashwa le Eneji ho: www.dmr.gov.za.
2. Pehelo ya Lewa la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS)
2.1. Letona la Ditjhelete Tito Mboweni o jweditse Kabinete ka MTBPS. Ha mmamorao kgweding ena, Letona le tla nehelana ka MTBPS Palamenteng, e tla hlahisang diphetoho ho ditekanyetso tsa naha ho netefatsa bo mokoka wa ditjhelete tsa naha.
2.2. Kabinete e na le tshepo ya hore MTBPS e tla bontsha maAfrika Borwa le batsetedi hore mmuso o itlamme ho tsamaisa moruo ka mokgwa o tsitsing o nang le maikarabelo.
3. Moralo wa Ntshetsopele ya Sebaka wa Naha (NSDF)
3.1. Kabinete e ananetse phatlalatso ya NSDF hore setjhaba se tshwaele. Moralo ona o sisinya phetolo ya bonamodi ho mekgwa ya ntshetsopele ya setjhaba e sa kopanang ho ya ka merabe, e tswellang ho baka tlhokeho ya tekatekano dibakeng tse hara naha. O tshwaya dibaka tsa monyetla le ho sisinya tsamaiso e nang le taolo ya mehlodi ya hlaho ya naha le phedisano ya diphedi tikolohong.
3.2. Moralo ona o sisinya tsela ya lewala la sebaka le tla lebisa ho ntshetsopele ya moruo le phedisano e mokoka ya naha, le ho nehelana ka mokgwa wa nyalanyo ya makala e boemo bo phahameng le sebaka se nang le tshebedisano.
2. Pehelo ya Tsamaiso ya Nyalanyo ya Lesedi la Tshireletso ya Setjhaba la Naha (NISPIS)
2.1. Kabinete e ananela dipheto tsa dihlahlobiso tse entsweng ka baithuti bohle ba Sehlopha sa 12 sa selemo sa 2018 ba fumantshwang matlole a mmuso. Lesedi lena le ile la fumanwa ho tswa ho NISPIS, e hatisang baithuti ka ho sebedisa dinomoro tsa bona tsa boitsebiso tse ikegthileng, mofuta wa letlole leo ba le fumantshwang le dikolo tsa bona.
2.2. Ho ya ka tsamaiso, ho bahlahlobuwa ba 400 761 ba ileng ba pasa ditlhahlobo tsa bona tsa NSC tsa 2018, ba 237 114 ba bona e ne e le ba fumantshwang matlole a mmuso. Ba ka bang 36% ba bona ba ile ba pasa ka dikgarata tsa Bachelor, ha 38% e ile ya pasa ka diploma mme 26% ba pasa ka disetifiketi se phahameng.
2.3. Dipheto tsena di paka kgahlamelo e ntle ya bonamodi ba mmuso, haholoholo ntlafatsong ya bafutsana le bana ba hlokolosi.
4. Komiti ya Matona (IMC) ya Kabobotjha ya Naha
4.1. Kabinete e tlalehile ka kgatelopele eo e fihlelletsweng ke IMC ka Kabobotjha ya Naha ho phahamiseng kabobotjha ya naha le tlhabolo ka ho nehelana ka naha ya mmuso molemong wa ntshetsopele ya bodulo.
4.2. Kabinete e ananetse kgatelopele e entsweng ke IMC. Mme e boetse e ananetse ditshitsinyo ka naha ya mmuso e tshwailweng. Dikarolwana tse ka bang 167 tsa naha ya mmuso tsa dihektara tse 14 105 tse tshwerweng ke Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Meralo di ile tsa lokolelwa ntshetsopele ya bodulo ba setjhaba ka ho nehelana ka Matla a Kemedi ya Akgente ho Kemedi ya Ntshetsopele ya Matlo (HAD). HDA ke kemedi ya ntshetsopele ya lekala la mmuso la naha le batlang le ho lokisa naha ha mmoho le hlabolla naha le ho laola leanoa la ntshetsopele ya matlo le bodulo ba batho.
4.3. Kabinete e boetse e ananetse le taolo e behilweng ho dikhamphani tsohle tsa mmuso le makgotla a setjhaba a mang ho ntsheng naha ya bona.
C. Dibili
1. Bili ya Tshilafatsho ya Mawatle ka Oli (Boitukiso, Karabelo le Tshebedisano) ya 2019
1.1. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Tshilafatsho ya Mawatle ka Oli (Boitukiso, Karabelo le Tshebedisano) ya 2019, e nehelana ka tshebetso ho Seboka sa Matjhaba sa Boitukiso, Karabelo le Tshebedisano sa 1990.
1.2. Seboka sa matjhaba sa tse amanang le mawatla se thehile mekgwa ya ho tobana le diketsahalo tsa tshilafatso ya oli ka hara naha le tshebedisano le dinaha tse ding. Afrika Borwa ke setho sa Mokgatlo wa Mawatle wa Matjhaba, kemedi ya Mokgatlo wa Dinaha tse Kopaneng tsa Matjhaba e ikarabella ho phatlalatsa tshireletseho ya dikepe le ho thibela tshilafatso ya mawatle.
1.3. Ha Bili e se e fetotswe molao, e tla etsa hore Afrika Borwa e tsamaise maano, mananeo a boitjhoriso le boikwetliso le ditsamaiso tsa tsebiso ya ho tsholoha tse tshwanetseng dikepe tse mabopong a Afrika Borwa.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Khonkrese ya Ditoropo tse Kopaneng le Mebuso ya Lehae (UCLG): Seboka sa Lefatshe sa Baetapele ba Lehae le ba Lebatowa
1.1. Khonkrese ya UCLG: Seboka sa Lefatshe sa Baetapele ba Lehae le ba Lebotowa se tla tshwarwa ka la 11 ho ya ho 15 Pudungwana 2019 mane Sebokeng sa Matjhaba sa Albert Luthuli se Durban.
1.2. Se hlophisitsweng ke UCLG, seboka sena ke se seholo ka ho fetisisa, se kgobokantshang bomajoro, balekgotla, mmuso wa lehae le balekane ba matjhabeng ba nang le kgahlamelo e kgolo ka ho fetisisa. E tlabe e le Khonkrese ya pele e latelang Seboka sa Habitat sa III mme se tla nehelwa ka pehelo ya kgatelopele ya phetahatso ya Maikemisetso a Ntshetsopele ya Mokoka le kgahlamelo e maemong a lehae.
2. Phatlalatso ya boPresidente ya Motlolo wa Ntshetsopele ya Setereke sa eThekwini
2.1. Phatlalatso ya motlolo wa ntshetsopele ya setereke/toropo ya eThekwini e tla ba ka Labohlano, la 18 Mphalane mane Lebaleng la Princess Magogo mane KwaMashu.
2.2. Jwalo ka karolo ya phatlalatso, Mopresidente Ramaphosa o tla bula Mara Phone, ya fabriki ya sematefouno e ntjha ya Mara Group e ntswe ka dinaha tsohle tse fapaneng tsa Afrika. Botsetedi bona bo phahameng ke karolo ya moitlamo bo entsweng ke maqalo a Seboka sa Botsetedi ba Afrika Borwa selemong se fetileng.
2.3. Mopresidente Ramaphosa o tla boela a etela Seteishene sa Seponesa sa Inanda Police ho ya sheba dintlha tsa polokeho le tshireletso ha Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Zweli Mkhize, a tla etela ditsha tsa bophelo bo botle.
3. Foramo ya Moruo wa Russia le Afrika
3.1. Mopresidente Ramaphosa o tla etela pele barumuwa ba Afrika Borwa ho Foramo ya pele ya Moruo wa Russia le Afrika, e tla tshwarwang Sochi, Russia ho tloha ka 23 ho ya ho la 24 Mphalane 2019.
3.2. Foramo ena e tla tsepama ho mekgahlelo e ka sehloohong ya tshebedisano dipakeng tsa dinaha tsa Russia le Afrika. Dipuisano di tla tsepama ho dipilara tse tharo tse amehang: “Ho Aha Dikamano tsa Moruo”, “Ho theha Maano a Kopanelo” le “Tshebedisanommoho ya Lekala la Botho le Setjhaba”.
E. Melaetsa
1. Kabinete e fetiseditse matshediso ho:
- ho batho le mmuso wa Japan ka mora dikgohola tse ileng tsa kgokolotsa ka hara naha, tsa baka dikotsi tse mmalwa le ho senya meaho.
2. Kabinete e feteseditse ditebohiso ho:
- Springboks ho finyella dikotareng tsa makgaolakgang a 2019 a Mohope wa Lefatshe wa Rekebi o Japan le ho ba lakaletsa mahlohonolo ka ho fihlela hole ha kaale ka tlhodisano ena.
- Tonakgolo Abiy Ahmed Ali wa Ethiopia, a ileng a tlotlwa ka Kgao ya Nobel Peace ya 2019 mabapi le boiteko ba hae ba ho fihlella kgotso le tshebedisano mmoho matjhabeng haholoholo, maiteko a hae a ho fedisa kgang e dipakeng tsa Ethiopia le Eritrea.
- Brigid Kosgei wa kenya ka ho thuba rekoto ya basadi ya lefatshe mane Lebelong le lelele la Chicago. Ha mmoho le Eliud Kipchoge ka ho ba semathi sa lebelo le leleele sa pele sa ho thuba thibello ya dihora-tse pedi; ka ho mathata lebelo la dikhilomitara tse 42 ka tlasa dihora tse pedi.
- batho ba Rephaboliki ya Mozambique ka ho tshwara dikgetho tsa boPresidente, Palamente le Diprofense ka Labobedi, 15 Mphalane 2019. Komishini ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika e ile ya romela bahlahlobi le ditsibi tsa dikgetho naheng eo ka mora ho fumana memo ho tswa Mmusong wa Mozambique.
3. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang
3.1. Ditho tsa Lekgotla la Letlole la Central Energy:
a. Ngaka Monde Mnyande (Modulasetulo);
b. Mme Nolubabalo Sondlo;
c. Monghadi Nkululeko Poya; le
d. Mmuelli Priakumari Hassan.
3.2. Ditho tse e leng batshepuwa ba Tsamaiso ya Brand South Africa:
a. Mme Thandi Tobias-Pokolo (Modulasetulo)
b. Mme Loretta Jacobus;
c. Profesa Yiva Rodny-Gumede;
d. Mme Rashel Kalidass;
e. Mme Muditambi Ravele;
f. Ngaka Stavros Nicolaou;
g. Monghadi Mlungisi Lulu Johnson;
h. Monghadi Bushang Jacques Modipane;
i. Monghadi Johannes George Sebulela;
j. Ngaka Keabetswe Modimoeng;
k. Mme Tebogo Mamorobela;
l. Mme Sisanda Bukeka-Nkoala; le
m. Monghadi Andrew Madella.
3.3. Ditho tsa Lekgotla la Balaodi ba Setsha sa Diphatlalatso tsa Elektroniki tsa Afrika Borwa la Naha:
a. Mme Molebogeng Leshabane (Modulasetulo);
b. Mme Bongekile Filana;
c. Mme Tobeka Buswana;
d. Profesa Christian Adendorff;
e. Monghadi Melvyn Lubega;
f. Mme Nomonde Hlatshaneni; le
g. Monghadi Lionel Adendorf.
3.4. Ditho tsa Lekgotla la Balaodi ba Kantoro ya Posong ya Afrika Borwa
a. Mme Tshikani Colleen Makhubele (Modulosetulo);
b. Monghadi Ismail Mamoojee;
c. Mme Nondumiso Pumela Ngonyama;
d. Monghadi Kgamedi Albert Ramoadi;
e. Mme Catharina van der Sandt;
f. Mme Nonzukiso Zukie Siyotula;
g. Monghadi Zolani Kgosie Matthews (moemedi wa mokgatlo wa basebetsi); le
h. Monghadi Thomas Sipho Nkese (moemedi wa mokgatlo wa basebetsi).
3.5. Ho thongwa botjha ha Monghadi Thobile Lamati jwalo ka Molaodi wa Kakaretso (DG) Lefapha la Kgiro le tsa Basebetsi dilemo tse hlano.
3.6. Mme Simone Constance Geyer jwalo ka Motlatsi wa Molaodi wa Kakaretso (DDG) ho Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE).
Dipotso:
Mme Phumla Williams – Molaodikakaretso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139