A. Maemo a Renang Hajwale
1. Sehlopha sa Selemo sa 2020
1.1. Kabinete e thoholeditse Sehlopha sa selemo sa 2020 se mamelletseng tlasa maemo a boima le ho fihlella sephetho sa materiki se babatsehang. Ditlhahlobo tsa selemo sa moo ho bileng le keketseho palong ya baithuti ba ngotseng ditlhahlobo tsa makgaolakgang ha ho bapiswa le selemong sa 2019, di boetse di bonahetse ka keketseho palong ya baithuti ba fihlelletseng tumello ya ho ya ntshetsa pele dithuto tsa bona diyunivesithing.
1.2. Kabinete e lakaletsa baithuti bohle tse ntle ha ba kena dilemong tsa kamora materiki. Hodima taba ya ho ya kena diyunivesithing, baithuti ba boetse ba kgothaletswa ho shebana le thupello ya maitsebelo a mosebetsi e fumanehang dikoletjheng tsa Setekginiki le Thuto le Thupello ya Mesebetsi (TVET) jwaloka karolo ya ho matlafatsa motheo wa Afrika Borwa wa maitsebelo a setekginiki a leng bohlokowa bakeng sa moruo wa rona. Baithuti ba sa lokeleng ke ho kena dikoletjheng tsa TVET kapa diyunivesithing ba kgothaletswa ho shebana le Lenaneo la Materiki la Monyetla wa Bobedi.
1.3. Kabinete e boetse e thoholeditse bahlanka bohle le bolaodi ba Lefapha la Thuto ya Motheo – hodima ho kenya tshebetsong ditsela tsa boitekanelo le polokeho dikolong ka selemo sa 2020 bakeng sa ho sireletsa matitjhere le baithuti kgahlanong le sewa sa bohloko ba corona (COVID-19) – ba sebeditse ka boitelo ho fihlella sephetho sa materiki se kgahlisang.
1.4. Kabinete e lakatsa ho hlahisa kananelo ya yona ho matitjhere kaofela, balaodi ba dikolo, bahlanka ba ka hara ditsamaiso tsa thuto ya motheo, mekgatlo ya matitjhere, mekgatlo ya baithuti le batswadi ba bona bakeng sa mosebetsi o matla le boinehelo bo kopanetsweng ho netefatsa hore re fihlella mofuta wa sephetho oo re leng motlotlo ka ona ho sa natswe mathata ao re teaneng le ona ka 2020.
1.5. Kabinete e thabetse hore selemo sa sekolo sa 2021 se qadile semmuso mme e na le tshepo ya hore ditsela tse teng di lekane bakeng sa ho ruta le ho ithuta ho bolokehileng. Ke maikarabelo a rona kaofela ho dula re fadimehile le ho ikobela ka matla dipehelo tsa boitekanelo le polokeho, tse reretsweng ho sireletsa boitekanelo le polokeho ya matitjhere, basebeletsi le baithuti. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ohle ho tshehetsa baithuti ba rona le ho netefatsa hore ba a atleha.
2. Puo ya Boemo ba Naha (SoNA)
2.1. Kabinete e amohetse SoNA ya selemo sa 2021 e entsweng ke Motlotlehi, Moporesidente Matamela Cyril Ramaphosa, Tulong ya matlo a mabedi a Palamente e neng e tshwerwe ka vidiyo moo ho neng ho na le palo e seng kae ya ditho – Seboka sa Setjhaba le Lekgotla la Naha la Diprovense – Motse Kapa ka Labone, la 11 Hlakola 2021.
2.2. SoNA le Karabelo ya Mopoesidente ho Dingangisano tsa SoNA e fanne ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tsosoloso le Tlhasimollo ya Moruo (ERRP) le mmapa wa ho kenngwa tshebetsong ka sekgahla ha meralo ya mmuso. Kabinete e lomahantse meno bakeng sa ho kenya tshebetsong maitlamo ohle a phatlaladitsweng ke Moporesidente.
2.3. Leha re ananela diqholotso tsa moruo wa kahisano tse re tobileng, Kabinete e dula e na le tshepo ya hore ho tla sebetsanwa le tsona ka ho kenngwa tshebetsong ha ERRP le Lenaneo la Tshebetso (PoA) la mmuso, ho tsepamisitswe maikutlo hodima ho fihlella kgolo a kenyeletsang le merero ya Tjhebelopele ya selemo sa 2030 jwaloka ha e tekilwe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).
2.4. Ho sa natswe tshitiso ya sewa sa COVID-19 se qadileng ka selemo sa 2020, PoA ka kakaretso e dula e le motjheng leha e ka re e tsamaya butle. Ka Laboraro, 24 Hlakola 2021, Letona la ditjhelete Tito Mboweni le adile ditekanyetso bakeng sa ditjhelete tsa meralo ya monongwaha.
3. Tlaleho ya Tjhebobotjha ya NDP
3.1. Kabinete e ananetse tlaleho ena ya diphetho tsa tjhebobotjha ya NDP mme e tla leka ho busetsa kgatelopelo ya nyehelo ya mmuso mabapi le Tjhebelopele ya selemo sa 2030. Khomishene ya Naha ya Meralo e tla lokolla Tlaleho ya Tjhebobotjha ya NDP.
4. Ntshetsopele ya diente tsa Naha
4.1. Kabinete e amohetse mekutu le kgatelopele e entsweng ke borasaense, bafuputsi le ditsebi tsa bongaka tsa rona mabapi le boikitlaetso ba naha ba ho itlhahisetsa diente tsa rona bakeng sa ho sebetsana le diwa tsa hajwale le tsa kamoso. Borasaense, bafuputsi le ditsebi tsa bongaka tsa rona esale ba le kapelepele mabapi le ho sebetsana le sewa sa COVID-19 le ho etella pele ho beha leihlo ho ikatisa ha kokwanahloko ya COVID-19, ho bakileng ho sibolla mofuta o motjha wa 501Y.V2. Tabeng ena, Kabinete e rata ho thoholetsa borasaense le bafuputsi kaofela ba Afrika Borwa ba kgonneng ho hlahisa botjha kokwanahloko ena laboratoriamong ka morero wa ho matlafatsa diphuputso tse mabapi le phekolo ya sewa sa COVID-19.
4.2. Kabinete e dumela hore tsamaiso ya rona ya naha ya saense le ntjhafatso ke mohlodi wa bohlokwa o lokelang ho baballwa le ho ntshetswapele.
4.3. Hape le ka nqane ho diphuputso tsa COVID-19, Borasaense le bantjhafatsi ba Afrika Borwa ba hlomphuwang ke lefatshe ba fanne ka thekenoloji e babatsehang e kang laser ya pele ya dijithale le sekhena sa x-ray sa Lodox se popolang mmele kaofela.
5. Phano ya Ente ya COVID-19
5.1. Kabinete e ananetse tshimoloho ya lenaneo la phano ya kentelo ya COVID-19, moo meriana ya pele ya ente ya Johnson & Johnson e fuweng basebeletsi ba kalafo (di-HCW) ka bobedi makaleng a mmuso le a poraefete.
5.2. Esale sewa sa COVID-19 se qala, di-HCW esale e le thebe e sireleditseng setjhaba sa bo rona. Ba ne ba tobane ka kotloloho le kokwanahloko mme ba mamelletse kgahlanong le kokwanahloko ena e hanang ho fela. Boitelo ba bona bo pholositse maphelo a mangata mme setjhaba sa bo rona se ba kolota diteboho tse tebileng.
5.3. Kentelo ya bona e tla thusa ho ba sireletsa kgahlanong le tshwaetso mme qetellong ba busetse naha setlwaeding. Kabinete e thabetse hore dimilione tsa diente tsa tlatsetso tse rekilweng mehloding e mmalwa di tla fihla ka dinako tse fapafapaneng dikgweding tse tlang, ho tloha ka Tlhakubele 2021.
5.4. Hang ha di-HCW di se di entuwe karolong ya Mokgahlelo wa Pele wa lewa la phano ya kentelo, Mokgahlelo wa Bobedi o tla tsepamisa maikutlo hodima basebeletsi ba bohlokwa le dihlopha tse ka bang tsietsing ya tshwaetso, tse kenyeletsang batho ba ka hodimo ho dilemo tse 60, batho ba ntseng ba na le mahloko a mang hammoho le batho ba dulang mahaeng a kokelo le dihostele.
5.5. Baahi ba hopotswa hore kentelo ke mahala le ka ho ithaopa, mme e dula e le tshireletso kgahlanong le kokwanahloko, e tsamaelanang le ho dula re ikobela melawana ya boitekanelo ya ho qoba dikopano tse kgolo, ho kenya maske ha o le bathong, ho hlwekisa matsoho ka ho hlapa ka metsi le sesepa kapa sebolaya-dikokwanahloko se nang le motswako wa alkohole wa 70% le ho sielana sebaka sa bonyane dimithara tse pedi le halofo Ditsela tsena di hlokolosi bakeng sa boitekanelo ba setjhaba sa bo rona.
6. Diphuputso tsa tsa Lebotho la BasebetsiQLFS) tsa Kotara ya bo-4
6.1. QLFS ya kotara ya bo-4 e lokollotsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa ka Labobedi, la 23 Hlakola 2021 e tswella ho re hopotsa ka diqholotso tsa tlhokeho ya mesebetsi tse tjametseng naha. Kabinete leha ho le jwalo e kgothatswa ke matshwao a tshepisang ao moruo wa rona o tswellang ho a bontsha hara dinnete tsa hajwale tse bohloko tsa moruo.
6.2. Ho ya ka dipalopalo tsa moraorao kgiro e eketsehile ka mesebetsi e 333 000, moo lekala la semmuso le nyehelang ka ho fetisisa (mesebetsi e 189 000) pakeng tsa Kotara 3 le Kotara 4 ka selemo sa 2020. Ho feta moo, ho bile le phokotseho palong ya Ba sa Neheleng Moruong ba 890 000 ho Kotara 4 ka selemo sa 2020 ha ho bapiswa le Kotara 3 ka selemo sa 2020.
6.3. Kabinete e dula e tshwenyehile hore sekgahla seo moruo o hlahisang mesebetsi ka sona se ntse se le monyebe ho feta kamoo naha e kgephotseng mesebetsi ka 701 000 pakeng tsa Kotara 3 le Kotara 4. Leha Kotara 4 e bontshitse keketseho ya sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi, keketseho ka phesente ka 1, 7% e ntse e le tlase ho feta keketseho ya Kotara 3 ya 9% ho sekgahla sa tlhokeho ya mesebetsi.
6.4. Ho a ngongorehisa hore batho ba batjha ke karolo e kgolo ka ho fetisisa ya batho ba sa sebetseng. MaAfrika Borwa a batho ba batsho le ba mmala hammoho le basadi e dula e le bona dihlopha tse hlophehileng ka ho fetisisa moruong wa naha, mme sena se matlafatsa maikemisetso a mmuso a ho akofisa ditsela tsa ho tshehetsa le ho kgontsha bonkakarolo bo bonahalang ba batjha, basadi le batho ba batsho ka hara moruo wa naha. Sena se tsamaelana le ho itlama botjha mabapi le diphethoho le tlhabollo moruong bo entsweng ke Moporesidente ho SoNA ya selemo sa 2021.
7. Ditekanyetso tsa Naha tsa Selemo sa 2021
7.1. Ho tekwa ha Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2021 ke karolo ya bohlokwa ya tsamaiso e bulehileng le e ikarabellang ya demokerasi ya Afrika Borwa. Ho latela SoNA ya Moporesidente Ramaphosa, Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2021 di ala moralo wa mmuso wa ditjhelete bakeng sa ho tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha PoA jwaloka ha e tekilwe ho SoNA ya selemo sa 2021.
7.2. Kabinete e ananela Ditekanyetso tsa Naha tsa selemo sa 2021 e le kgetho e teng e hlwahlwa ka ho fetisisa mabapi le ho tsitsisa maemo a moshwelella a ditjhelete ha ho ntse ho thuswa ka ditjhelete bakeng sa dintlha tse ka sehlohlolong tsa mmuso tse akgang theko ya diente tsa COVID-19, ho tshehetsa batho ba maemong a hlobaetsang setjhabeng sa bo rona ka lenaneo le pharaletseng la thuso ya kahisano le ERRP bakeng sa ho aha moruo botjha, ho tshehetsa tlhahiso ya mesebetsi le ho hohela matsete, leha re le tlasa tikoloho e tletseng diphephetso ya moruo.
8. Boshodu ba Dikheibole tsa Koporo
8.1. Kabinete amohetswe kahlolo ya ditho tse hlano tsa lequlwana le fumanweng le le molato wa boshodu ba dikheibole tsa koporo ke Lekgotla la Phahameng la Dinyewe la Kapa Bophirima ya ho ahlola dilemo tse 1 250 ka ho di kopanela tjhankaneng. Re thoholetsa makala a qobello ya molao bakeng sa botjhutjhisi bo atlehileng ba batho ba utswang dikheibole tsa koporo.
8.2. Kabinete e na le tshepo ya hore tshwaro ena ya morarao le dikahlolo di rometse molaetsa o matla wa hore batho ba ikarabellang bakeng sa tshenyetso e jwalo ya moruo le ditlolo tsa molao ba tla tobana le letsoho le matla la molao. Re ipiletsa ho setjhaba ho tlaleha dikebekwa makaleng a qobello ya molao.
9. Dikgoka tsa Bong le Dipolao tsa Basadi (GBVF)
9.1. Kabinete e amohetse ho tshwarwa ha monna ya hlatseng Mofumahadi Dimakatso Ratselane ka sehloho, eo e leng moqolotsi wa ditaba wa Lesedi FM.
9.2. Kabinete e boetse a amohetse ho ahlolwa ha mmolai wa moimana Tshegofatso Pule le ho tshwarwa ha Nthuthuko Shoba, e leng mohlankana wa hae le ntata ngwana hae ya sa tswalwang, bakeng sa ho belaellwa hore ke yena ya rerileng polao ya hae.
9.3. Kabinete e ipiletsa ho tsamaiso ya toka ho netefatsa hore toka e a sebediswa lebitsong la Mofumahadi Ratselane, mofu Mofumahadi Pule le diphofu tse ding tsa GBVF. Phediso ya dikgoka kgahlanong le basadi le bana e batla hore bohle re eme ka maoto ho kgina kgoba ena.
10. Dikgau tsa Boraditaba tsa Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC)
10.1. Kabinete e ipileditse ho boraditaba ba Afrika Borwa ho kenya boiketo ba bona bakeng sa tlhodisano ya Dikgau tsa Boraditaba tsa SADC tsa selemo sa 2021. Boraditaba ba nang le thahasello ba ka fihlella ho tseba haholwanyane ka tlhodisano ena ho www.sadc.int(link is external) le www.gcis.gov.za.
10.2. Dikgau di kgothaletsa momahano le tshebedisano ya lebatowa ka ho kgothaletsa boraditaba dipusong tsa dinaha tsa SADC ho ngola ka dintlha tse etsahalang lebatoweng lena.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Boemo ba Naha ba Koduwa
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana qeto ya ho tsebahatsa Boemo ba Naha ba Koduwa ho latela tshenyo e bakuweng ke sefefo sa ditropiki sa Eloise le dipula tsa sehla sa hlabula tse siileng infrastraktjha le matlo di senyehile diprovenseng tse fapafapaneng. Sena se entswe ho ya ka Karolo 27(1) ya Molao wa Taolo ya Dikoduwa, 2002 (Molao wa bo-57 wa selemo sa 2002).
1.2. Tsebahatso e tla thusa mmuso ho matlafatsa ditsela tsa hajwale tse nkuweng ke makala a fapafapaneng a puso ho bebofatsa kgahlamelo ya koduwa ya naha.
2. Tlaleho ya Tjhebo Botjha ya Khomishene ya Meputso ya Kantoro ya Moporesidente (PRRC)
2.1 Kabinete e fumane le ho tjhaella monwana tlaleho ya PRRC. PRRC e thontsweng bakeng sa ho batlisisa meputso le maemo a tshebeletso ka hara Tshebeletso ya Mmuso le ditheo tsa naha le tsa diprovense tse boletsweng ho Karolo A le C, Sekejule 3 sa Molao wa Taolo ya Ditjhelete tsa Mmuso, 1999 (Molao wa bo-1 wa selemo sa 1999).
2.2 Makala a ka sehlohlolong a akareditsweng tlalehong a kenyeletsa matitjhere, bophelo bo botle, lekala la tshireletso le ditheo tsa mmuso (Sekejule 3A le 3B tsa PFMA ya selemoa sa 1999. Tlaleho e tla ba teng ka websaete ya Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso (www.dpsa.gov.za).
3. Tlaleho ya Naha ya Afrika Borwa ho Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) ya Phediso ya Dibopeho Tsohle tsa Kgethollo ya Semorabe
3.1. Kabinete tjhaelletse monwana ho kenngwa ha tlaleho ya Afrika Borwa ya dinako tse itseng ya borobong ho isa ho ya bo-11 ya Khonvenshene ya Matjhaba ya UN ya Phediso ya Dibopeho Tsohle tsa Kgethollo ya Semorabe (ICERD). Afrika Borwa e saenne ICERD ka selemo sa 1994 le ho e amohela ka la 10 Tshitwe 1998.
3.2. Tlaleho e teka kgatelopele e entsweng ke Afrika Borwa ya ho tla ka ditsela tsa ketsamolao, boahlodi le tsa tsamaiso ho fedisa dibopeho tsohle tsa kgethollo ya semorabe.
3.3. Tlaleho ena ya dinako tse itseng e tsepamisa maikutlo hodima kgatelopele e entsweng mabapi le ho ntshetsapele tekatekano, twantsho ya lehloyo la melata le diketso tse ding tse tsamaelanang le ho se mamellane, thibelo ya ditlolo tsa molao tsa lehloyo, le ho hlakisa diqholotso tse sa ntseng di salletse. Kamora ho hlahisiwa lekaleng le amehang, tlaleho e tla leba setjhabeng.
4. Tumello ya Khonvenshene ya Matjhaba ho Kgatello le Kotlo ya Ditlolo tsa Molao tsa Mmuso wa Kgethollo
4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Khonvenshene ya Matjhaba ya Kgatello le Kotlo ya Ditlolo tsa Molao tsa Mmuso wa Kgethollo Palamenteng bakeng sa tumello. Sena se etswa ho ya ka Karolo 231(2) ya Molaotheo wa Afrika Borwa wa selemo sa 1996. Khonvenshene, hara tse ding, e tsebahatsa mmuso wa kgethollo e le tlolo ya molao kgahlanong le batho mme e bakile tshoso e mpe ya kgotso le tshireletso ya matjhaba.
4.2. Hang ha sena se tjhaelletswe monwana ke matlo ka bobedi a Palamente, Lefapha la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano le tla fana ka tumello ho UN.
5. Hlomathiso ya Tumellano Pakeng tsa Afrika Borwa le Netherlands ya Tshireletso ya Kahisano
5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana sehlomathiso sa tumellano pakeng tsa mmuso wa Afrika Borwa le mmuso wa Borena ba Netherlands ya tshebedisano ho tsa tshireletso ya kahisano.
5.2. Tumellano ya tshebedisano ya tshireletso ya kahisano e ne e saenwe toropong ya The Hague ka Motsheanong 2001. Tumellano e thusa ka ho lata ka ntle melemo ya tshireletso ya kahisano bakeng sa baahi ba amehang. Leano la Netherlands la Tshireletso ya Kahisano le entse dihlomathiso ho tshireletso ya kahisano e romelwang ntle mabapi le bana ba Netherlands. Sehlomathiso se sisintsweng ke ho amahanya tumellano le diphethoho tsena.
6. Kamohelo ya Pitso ya Dikgokahanyo tsa Radiyo tsa Lefatshe (WRC-19) ya Selemo sa 2019
6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Ketsahalo ya ho Phethela ya WRC-19 Palamenteng bakeng sa kamohelo, ho ipapisitswe le Karolo 231(2) ya Molaotheo. WRC-19 ke sephetho sa pitso ya Kopano ya Dikgokahanyo tsa Mehala (ITU) ya UN e bitswang selemo ka seng ho, hara tse ding, sheba botjha le poeletso ya melawana ya radiyo. Afrika Borwa ke setho sa tshaeno ho ITU. Hang ha Palamente e amohela Ketsahalo ya ho Phethela ya WRC-19, Afrika Borwa e tla hlomathisa Moralo wa Naha wa Maqhubu a Radiyo ka tshwanelo.
7. Tokomane ya Tataiso ya Leano la Naha la Dipalangwang e shebuweng botjha
7.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Tokomane Tataiso ya Leano la Naha la Dipalangwang e shebuweng botjha. E nka sebaka sa Leano la Naha la Dipalangwang la selemo sa 1996. Leano le shebuweng botjha le sebetsana le diphethoho tse hlahelletseng ho ya le dilemo mapatlelong a mebila, diterene, mawatle le bofofisi. Le matahanya naha le mekgwa ya dipalangwang ya matjhaba, lebatowa le kontinente ka bobatsi.
7.2. Leano le kene ditherisanong tse phatlaletseng le bankakarolo kaofela ba amehang. Hang ha le se le kentswe koranteng ya mmuso, tokomane e tla fihlellwa ka websaete ya Lefapha la Dipalangwang (www.transport.gov.za).
C. Dibili
1. Bili ya Lekgotla la Dinyewe tsa Mobu
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Lekgotla la Dinyewe tsa Mobu Palamenteng bakeng sa tswelliso. Bili ena e theha Lekgotla la Dinyewe la Mobu le ikgethileng, ka dikahlolo tsa lona, ditaelo le diqeto tseo ho ka ipiletswang ka tsona ho Lekgotla la Maipiletso la Dinyewe tsa Mobu le sisintsweng.
1.2. Bili ena e tla rarolla diqholotso tse neng di ba teng tlasa Molao wa Pusetso ya Ditokelo tsa Mobu, 1994 (Molao wa bo-22 wa selemo sa 1994) tse kang ditshallomorao tsa ditseko tsa mobu le mekgwa ya tharollo ya dikgang ha dikgang di runya. E tla boela e nyehele ka matla tabeng ya ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Tlhabollo ya Mobu.
2. Bili ya Sehlomathiso sa Kgase sa selemo sa 2020
2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Kgase ya selemo sa 2020 Palamenteng. Bili e sisintsweng e reretswe ho matahanya indasteri ya kgase ho, hara tse ding, ho kenyeletsa dithekenoloji tse ntjha tsa tsamaiso ya kgase ya tlhaho le dikgase tse seng setlwaeding tse neng di sa kenyeletswa Molaong wa Kgase, 2001 (Molao wa bo-48 wa selemo sa 2001) wa hajwale. Dihlomathiso, tseo ho rerisanweng ka tsona ka botlalo le bankakarolo kaofela ba amehang, di tla nyehela ho infrastraktjha ya matsete e tswellang ho netefatsa phapano ya motswako wa eneji wa naha.
2.2. Ho feta mona Bili e tla kena motjheng wa ditherisano wa Palamente ho netefatsa hore e tla tjhaellwa monwana ka bobatsi bakeng sa ho kenngwa tshebetsong hang ha e se e fetisitswe ho ba molao.
3. Bili ya Sehlomathiso sa Kgothaletso ya Tekatekano le Thibelo ya Kgethollo e Leeme ya Selemo sa 2021
4. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba tsa Bili ya Sehlomathiso sa Kgothaletso ya Tekatekano le Thibelo ya Kgethollo e Leeme ya selemo sa 2021. Dihlomathiso tse sisintsweng di reretswe ho sebetsana le mefokolo e ho Molao wa Kgothaletso ya Tekatekano le Thibelo ya Kgethollo e Leeme, 2000 (Molao wa bo-4 wa selemo sa 2000). Dihlomathiso tse sisintsweng di tla matlafatsa bokgoni ba yona ba ho thibela kgethollo le ho kgothaletsa tekatekano bakeng sa maAfrika Borwa kaofela, jwaloka ha e hlahella ho Karolo 9 ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996.
4.1. Bili e tla kenngwa koranteng ya mmuso le ho fihlellwa ka websaete ya Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo (www.justice.gov.za).
5. Bili ya Sehlomathiso sa Banka ya Poso ya Afrika Borwa ya Selemo sa 2020
5.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Banka ya Poso ya Afrika Borwa ya selemo sa 2020 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili e hlomathisa Molao wa Banka ya Poso ya Afrika Borwa, 2010 (Molao wa bo-9 wa selemo sa 2010).
5.2. Bili e fana ka ho thehwa ha Khamphani e ka Sehloohong ya Banka ya Poso ho ya ka Molao wa Dibanka, 1990 (Molao wa bo-94 wa selemo sa 1990). Khamphani e tla fana ka kenyeletso ya ditho tsa setjhaba tse kotetsweng ho tsa ditjhelete hore di nke karolo ka bokgabane mesebetsing ya moruo. Hape e tla fana ka sebaka bakeng sa ditshebeletso tse ding tsa ditjhelete tsa mmuso.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Letsatsi la Matjhaba la Basadi
1.1. Kabinete e tla ipapisa le lefatshe mabapi le ho keteka Letsatsi la Matjhaba la Basadi ka la 8 Tlhakubele 2021. Letsatsi lena le sebediswa ho thuisa ka kgatelopele e entsweng mabapi le tekatekano ya bong mme hape le kopana le sehopotso sa bo-25 sa kamohelo ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996.
1.2. Esale ho tloha ka 1994, re entse menyabuketso mabapi le ho kenya tshebetsong maano le mananeo a reretsweng ho ntshetsapele ditokelo tsa basadi le ho dula re itlamme ho netefatsa hore basadi ba ntlafatswa moruong.
1.3. Mabapi le ho ananela dinyehelo tsa bo mong le tsa kopanelo tsa qhoku ya Ntwa ya tokoloho Mama Charlotte Maxeke tokolohong le demokerasing ya Afrika Borwa, mmuso o tsebahaditse selemo sa 2021 ho ba Selemo sa Charlotte Maxeke, ho tshwaya sehopotso sa bo-150 sa letsatsi la hae la tswalo. E ne e le molwanedi wa kahisano le dipolotiki ya neng a le sebete le ho ba bohlale bo makatsang.
2. Kopano ya Foramo ya Matona a Basadi a India, Brazil, Afrika Borwa (IBSA)
2.1. Afrika Borwa – e eteletswe pele ka Letona la Basadi, Batjha le Batho ba Qhwadileng Kantorong ya Moporesidente, Mofumahadi Maite Nkoana-Mashabane – e tla nka karolo Kopanong ya IBSA ka la 16 Tlhakubele 2021. Ketsahalo ena e bohlokwa ho Afrika Borwa hobane ha e ne e ntse e le Modulasetulo wa Kopano ya Afrika ka selemo sa 2020, Moporesidente Ramaphosa o ne a behile ka sehlohlolong matlafatso ya basadi, boetapele ba dikgwebo le ntwa kgahlanong le GBVF.
2.2. Foramo ena, e thehilweng ka 2007, e tla fana ka lepatlelo bakeng sa Afrika Borwa ho ntshetsapele maano a yona le dintlha tsa bohlokwa tse nang le tshusumetso ho basadi.
2.3. Ketsahalo ena e tlang e tla etsahala morerong wa dinaha tsena e le ho tshohla meralo ya ho hlaphohelwa e amanang le COVID-19. Ka kakaretso ho ananelwa hore basadi ke bona ba jereng boima ka ho fetisisa ba ditlamorao tse thefulang tsa sewa sena.
3. Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho
3.1. Moporesidente Ramaphosa o tla tshetleha puo e ka sehloohong ka vidiyo ya sehopotso sa Letsatsi la Naha la Ditokelo tsa Botho la selemo sa 2021 ka la 21 Tlhakubele 2021 tlasa mookotaba: “Selemo sa Charlotte Maxeke: Re kgothaletsa le ho sireletsa ditokelo tsa botho nakong ya COVID-19”.
3.2. Sehopotso sa monongwaha sa Kgwedi ya Ditokelo tsa Botho se kopana le sehopotso sa bo-25 sa kamohelo ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa 1996, mme se re neha monyetla wa ho thuisa ka sebete sa banna le basadi ba ileng ba ipelaetsa ka la 21 Tlhakubele 1960 bakeng sa phediso e phethahetseng ya melao ya dipasa.
3.3. Kabinete e ipiletsa ho maAfrika Borwa ho sebedisa letsatsi lena ho hopola le ho tlotla ba lwanetseng tokoloho le demokerasi ya rona.
E. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e fetisetsa dithoholetso le ditakaletso tsa yona tse molemo ho:
- Baetsi ba Difilimi ba Afrika Borwa ba filimi ya Address Unknown, ka hore e fihlelle Kgetho ya Semmuso ya selemo sa 2021 ho Pan African Film Festival, e leng mokete wa difilimi tsa batho ba batsho o moholo le ho tuma ka ho fetisisa wa Amerika. Filimi ena e kgutshwane, e reretsweng ho hlompha batho ba District Six, e thusitswe ka matlole ke hara ba bang, Mokgatlo wa Difilimi tsa Naha le Dividiyo, e leng lekala la Lefapha la Dipapadi, Bonono le Botjhaba.
- Ngaka Ngozi Okonjo-lweala, letswallwa la Nigeria le ileng la kgethwa ka ntswe leng ka la 15 Hlakola 2021 jwaloka Motsamaisi-Kakaretso (DG) wa bo-7 wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano (WTO), ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2021. Ke mosadi wa pele le ho ba moAfrika wa pele ho sebetsa e le DG ya mokgatlo wa matjhaba o sebetsanang le melawana ya lefatshe ya kgwebisano pakeng tsa ditjhaba.
2. Matshediso
Kabinete e fetiseditse matshediso ho lelapa le metswalle ya:
- Thovhele Ranwedzi Gilbert Tshikalange (87) wa leloko la borena ba Mphaphuli ho la Limpopo, eo e neng e le qhoku ya ntwa ya tokoloho le mohanyetsi ya bohale kgahlanong le ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Tsamaiso ya Dphatlho tsa Batho ba Batsho wa selemo sa 1927. O ile a etella pele Boipelaetso ba Tefello ya Lekgetho ho tloha ka selemo sa 1964 ho isa ho sa 1969. O ile a thibelwa le ho lelekelwa Kuruman, Kapa Leboya ho tloha ka selemo sa 1969 ho isa ho sa 1974.
- Ho kgutlela ha hae lebatoweng la habo, o ile a boela a katwa taelo ya thibelo le ho behwa ka tlasa ho kwallwa ka tlung lekeisheneng la Makwarela seterekeng sa Makgistrata wa Sibasa ho tloha ka selemo sa 1974 ho isa ho sa 1976. Ka selemo sa 1987, hammoho le mekaubere e meng ya Ntwa tokoloho le baetapele ba borena ba neng ba batla ho bona kgatelopele, ba ile ba theha Lekgotla la Baetapele ba Marena la Afrika Borwa (Contralesa) mme a kgethwa jwaloka Mohlophisi wa Naha lekgotleng lena.
- Basebetsi ba bararo ba ArcelorMittal – Monghadi Lesenyeho Mofokeng (31), Monghadi Thami Sampo Molefe (52) le Monghadi Mpho Meshack Madumisa (29), ba hlokahetseng ka sehloho ha moaho o ne o heleha Vanderbijlpark moo ba neng ba sebetsa teng ho latela ho phatloha ka Laboraro, la 17 Hlakola 2021. Lefapha la Kgiro le tsa Basebetsi le ba setsi sa bona sa Ditshebeletso tsa Bohlahlobi le Qobello tsa Basebetsi ba thakgotse dipatlisiso kotsing ena. Kabinete e kgothaletsa dikhamphani tsohle ho beha ka sehlohlolong polokeho ya basebeletsi le ho dula di etsa diteko tsa ditsamaiso tsa tsona ho netefatsa hore basebetsi ha ba behwe kotsing.
- Lenqosa Themba Muziwakhe Nicholas Kubheka (72), ya hlokahetseng ka Pherekgong Pietermaritzburg, KwaZulu-Natal. Lenqosa Kubheka le sebeditse e le lenqosa la Afrika Borwa ho Riphabliki ya Batho ba Tjhaena, Denmark le Riphabliki ya Angola. O ile a sebetsa hape e le setsebi sa Dikamano tsa Kopanelo ya Mmuso ya Boditjhabatjhaba le Tshebedisano ya Puso Kantorong ya Lekgotla la Naha la Diprovense Palamenteng. O ile palehong dilemong tsa bo-1970 mme a kwetliswa Angola ka selemo sa 1977 jwaloka setho sa Umkhonto we Sizwe, mme o ne a tsebahala ka lebitso la boikgakanyo la Aaron Mnisi.
F. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Boto ya Botsamaisi ya Ditshebeletso tsa Metsi tsa Amatola
a. Monghadi Mncedisi Malotana;
b. Mofumahadi Buhle Tonise;
c. Monghadi Abraham Pieter le Roux;
d. Ngaka Mosidi Makgae;
e. Monghadi Zamikhaya Xalisa;
f. Nkosazana NomaXhosa Jongilanga;
g. Ngaka Gaathier Mahed;
h. Mofumahadi Tabiso Wana;
i. Monghadi Mxolisi Joe Skosana;
j. Monghadi Makgobi Ramushu; le
k. Mofumahadi Lebogang Letsoale.
2. Modulasetulo le Motlatsi wa Modulasetulo ba Boto ya Batsamaisi ba Letlole la Dikotsi tsa Mebila:
1. Mofumahadi Thembi Msibi; le
2. Ngaka Nomonde Mabuya.
3. Mofumahadi Nomkhita Mona – Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Sehlopha sa Kantoro ya Poso ya Afrika Borwa.
4. Monghadi Moegamat Ishaam Abader – CEO ya Tshebeletso ya Bolepi ya Afrika Borwa.
5. Monghadi Zolani Kgosietsile Matthews – CEO ya Sehlopha sa Lekala la Bapalami ba Diterene la Afrika Borwa.
6. Mofumahadi Melanie Rambally – Mohlanka e Moholo wa Ditjhelete wa SENTECH.
7. Moatefokate Boyce Mkhize – Mosireletsi e Moholo: Tshebeletso ya Bosireletsi ba Dikema tsa Badudi, Lefapha la Bodulo ba Batho, Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere.
Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139