A. MAEMO A RENANG HA JWALE
1. Ho Thakgolwa ha Kentelo ya Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)
1.1. Lenaneo la Afrika Borwa la naha la kentelo le potlakile, mme lekala la bophelo bo botle (makaleng a mmuso le a poraefete) le enta bonyenyane milione ya batho nakong ya matsatsi a mararo. Ho fihlela jwale, Maafrika Borwa a ka hodimo ho dimilione tse robedi a se a entilwe. Ka sekgahla sena sa jwale, Mopresidente o tla ba le hona ho phatlalatsa letsatsi le lekotsweng botjha leo ka lona naha ya rona e tla fihlela kanetso e habilweng ya tshireletso ya setjhaba.
1.2. Kabinete e ntse e tswela pele ho ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle hore a dumele ho entwa, jwalo ka ha ho enta e ntse e le sona feela sebetsa se sebetsang ka ho fetisisa twantshong ya COVID-19. Jwale tjena batho ba dumelletswe hore ba ka ya ditsheng tsa kentelo tsohle ba nkile ditokomane tsa bona tsa boitsebiso, le haeba ba sa bitswa, ba tsebe ho ingodisa le ho entwa.
1.3. Kabinete e thabetse ho fihla ha diente tsa Pfizer tse dimilione di 5.6 bekeng ena, tseo e leng mpho e tswang mmusong wa Dinaha tse Kopaneng tsa Amerika (USA). Diente tsena di tla netefatsa phepelo e kgolo bakeng la ho matlafatsa lenaneo la rona la ho thakgolwa ha kentelo.
1.4. Mohla la 1 Loetse 2021, batho ba pakeng tsa dilemo tse 18 le tse 34 ba tla bulelwa kentelo.
1.5. Kabinete e hlokometse hore ditshwaetso tse ntjha di theohile haholo Afrika Borwa ka morahore naha e fete sehlohlolo sa leqhubu la boraro ka molao. Le ha ho le jwalo, diprovinse tse nne – Kapa Bophirima (le ha e qeta ho phatlalatsa sehlohlolo), Kapa Leboya, Bokone Bophirima le Freistata – di nnile tsa ngodisa keketseho ya sekgahla sa ditshwaetso letsatsi ka leng.
1.6. Kabinete e boetse e phetile kgwelehetso ya yona ya hore batho bohle ba ka hara Afrika Borwa ba nne ba tswele pele ho phetha ditlwaelo tsa boitshireletso ka ho Kgwesa dimonkwana, ho Hatlela, ho Sielana sebaka sa metara le halofo, le ho se etse dikopano tsa batho ba bangata.
2. Ho Bulwa ha Dikolo
2.1. Kabinete e ananetse ho bulwa ha dikolo ho hlokileng ditshitiso, haholoholo ho kgutlela ha baithuti ba poraemari ba boetseng ba eya sekolong ka mehla. Kabinete e kopile hore dikolo tsohle di tswele pele ho ikamahanya le ditlwaelo tse netefaditsweng tsa ho lwantsha COVID-19.
2.2. Qeto ya ho kgutlisetsa baithuti bohle ba poraemari setlwaeding sa ho ya sekolong ka mehla e nkilwe ka morao ho ho sekaseka dilhoko tse molemong wa bana, hape e tla thusa hore ho boele ho kwalwe sekgeo sa nako ya dithuto e ileng ya lahleha nakong ya ho kginwa ha metsamao ho matla hwa ka hara naha.
3. Tumellano ya Meputso ya Basebetsi ba Mmuso
3.1. Kabinete e lebohile basebetsi bohle ba mmuso le bohle ba ileng ba ameha ditherisanong tsa meputso ka ho beha pele ditlhoko tsa naha ya rona le tsa batho ba yona, ka morao ho ho saenwa ha tumellano e kopanetsweng ya nyollelo ya meputso ka hare ho Tshebeletso ya Mmuso.
3.2. Kabinete e entswe motlotlo ke hore bohle ba amehang ba bontshitse boetapele bo shwellaneng le boikemisetso bo matla ba ho fumana tharollo e tla tswela basebetsi ba mmuso le baahi molemo, mme Kabinete e ipiletsa hore bohle ba hatele pele ka ona moya oo wa tshebedisano le wa borananaha.
4. Tlhahisoleseding Malebana le Boemo ba Tshireletso
4.1. Kabinete e ananetse ketso ya makala a phethahatso ya molao ya ho busetsa botsitso kapele Diprovinseng tsa KwaZulu-Natal le Gauteng.
4.2. Kabinete e boetse e thoholeditse Makala a phethahatso ya molao ka tswelopele eo a e etsang ya ho tlisa ka pele ho molao batho bohle ba bileng le boikarabelo ba ho hlohleletsa merusu, mme re lakatsa ho netefaletsa Maafrika Borwa ohle hore re tla etsa tsohle hore ho ahlolwe bohle ba bileng le boikarabelo ba meferefere e ileng ya etsahala Diprovinseng tse pedi tsena.
4.3. Ho fihlela jwale, ke babelaellwa ba tsheletseng ba seng ba ile ba tshwarwa ba ba ba hlaha makgotleng a dinyewe a fapafapaneng ka mabaka aho hlohleletsa setjhaba ho kena merusung, mme makala a phethahatso ya molao mmoho le Lekgotla la Naha la Botjhotjhisi (NPA) a lomahane le ho netefatsa hore batlodi bana ba molao ba fumanwa ba le molato.
4.4. Kabinete e lemohile hore lenane la mafu a bakilweng ke meferefere ena le nyolohetse ho 354, ha manane a mafu a tlalehilweng a amahanngwang le merusu Provinseng ya Gauteng e ntse e le 79 le 275 Provinseng ya KwaZulu-Natal, ho latela tlhahisoleseding ya maobane, mohla la 4 Phato 2021.
4.5. Bakeng la manane a tlalehilweng KwaZulu-Natal, Mmasepala e Moholo wa eThekwini o na le lenane le leholo ka ho fetisisa, e leng batho ba 122 ba hlokahetseng. Bakeng la mafu a tlalehilweng eThekwini, a 36 a tlalehilwe Phoenix (e leng mafu a dipolao tsa batho ba 29 le mafu ao ho batlisiswang sesosa sa ona a 7, mme ho fihlela kajeno, babelaellwa ba 22 ba se ba ile ba tshwarelwa mafu a tlalehilweng Phoenix ba ba ba hlaha kgotla.)
4.6. Kabinete e kopa hore setjhaba sohle sa KwaZulu-Natal se sebetse mmoho ho tshehetsa matsapa a mmuso a ho sebetsana le ditsitsipano tsa merabe le mathata ao di a tlisang setjhabeng a itshenang bora ka ho thunthetsa makgabane ao bathehi ba Afrika Borwa ya demokrasi, e hlokang kgethollo ya merabe, hape ya tekatekano ya batho, ba ileng e tella bolokolohi ba bona le maphelo a bona.
5. Kahobotjha ya Moruo
5.1. Kabinete e thabetse dibilione tse 36 tsa diranta bakeng la diphallelo ho tswa mmusong e le mokgahlelo wa bobedi wa letlole la dithuso tsa ho buseletsa naha ya rona botsitso boo e bo hlokisitsweng ke sewa sa COVID-19, bo ileng ba mpefatswa ke meferefere le tshenyo ya thepa ya kgwebo e etsahetseng KwaZulu-Natal, Gauteng le dikarolong tse ding tsa Mpumalanga (le ha mona e le tekanyo e fokolang).
5.2. Boholo ba letlole lena la diphallelo bo lebane le R350 ya Ditlhapiso tsa Diphallelo Setjhabeng molemong wa ho fedisa bofuma le tlala bathong ba hlokang ho feta setjhabeng le letlole la ho tshehetsa basebetsi le dikgwebo. Mmuso o letsholong la ho fumana letlole le leng hape la tshehetso ho netefatsa tsosoloso ya moruo e potlakileng, o ntse o ikamahantse le Moralo wa Kahobotjha le Tsosoloso ya Moruo (ERRP).
5.3. Mosebetsi wa ho tsosolosa moruo ke wa Maafrika Borwa ohle. Kabinete e ipileditse ho baahi bohle le lekala la poraefete ho ikamahanya le matsapa a naha ya rona a ho aha botjha mmoho, ka matla le ka potlako bakeng la Afrika Borwa ya bohle, hape e tswetseng pele ho feta pele.
6. Motlakase
6.1. Kabinete e ananetse ho qetwa ha Seteishene sa Medupi sa Phehlo ya Motlakase, moo diyuniti botshelela ba tsona di seng di hoketswe. Hona ho tla ba molemo haholo ho fokotseng kgatello e ka bang teng marangranng a phehlo, ebile mmuso o ntse o tsepamisitse maikutlo ho netefatseng hore bohle ba fumane motlakase hoya-ho-ile.
6.2. Mmuso o thoholetsa Mme Zandi Shange, Motsamaisi wa Projekte ya Seteishene sa Medupi sa Phehlo ya Motlakase ka katleho ya hae ya ho emisa setsha se seholohadi sena sa motlakase ka maoto. Ha ho ntse ho ngolwa nalane ya boenjiniere ba kaho, basadi ba naha ya rona ba tla emelwa ka botlalo hobane Mme Shange ke mosadi wa pele wa Moafrika wa ho atlehisa projekte e kgolo ha kana.
6.3. Mmuso o kopile botsamaisi le basebetsi ba ESKOM ho se hlole ba tlohella le hore ba sebeletse hore diteishene tse ding tse saletseng le tsona di be maemong a Medupi, ho kenyeletswa le mekgwa ya phehlo ya motlakase e baballang tikoloho.
7. Boemo ba Puso ya Iseraele ba Bolemohi ho Komishene ya Yunione ya Afrika (AUC)
7.1. Kabinete e hanana le ketso e sa lokang e nkilweng ke Modulasetulo wa Komishone ya Dinaha tse Kopaneng tsa Afrika (AUC) ya ho neha Puso ya Iseraele boemo ba bolemohi Dinaheng tse Kopaneng tsa Afrika (AU) kantle ho ditherisano. AU ke moemedi ya molaong wa dinaha tsohle tseo e leng ditho, mme di tshwanetse ho reriswa ka dinako tsohle mabapi le diqeto tse jwalo.
7.2. AU e emetse ditabatabelo tsa Maafrika ohle hape e jere letshwao la botshepehi la ho tshetjwa ha boetapele ba yona ke batho bohle ba Afrika. Ka hona, e tshwanela ho leka ho etsa diqeto tse sa thulaneng le metheo ya Tumellano ya Afrika.
7.3. Ketso e tswelang pele ya Iseraele ya ho itulela ka kgang mobung/ ya ho hapa mobu wa Palestina e hloka toka ka ho phethahetseng, e bile e a swabisa, hape e amoha Mapalestina a se nang molato ditokelo tsa ona. Qeto ena ya boemanosi e latela ditlhaselo tse soto tsa moraorao tjena tse entsweng ke Baiseraele ho Mapalestina a hloang molato dibakeng tsa Jerusalema Botjhabela le Gaza.
7.4. Kabinete e ipiletsa hore AU e etsolle qeto ya yona ya boemanosi ya ho fa Puso ya Iseraele boemo ba bolemohi ho AU. Kabinete e ntse e le boitlamong bo sa qeaqeeng ba matsapa a reretsweng ho tsoseletsa tshebetso ya sepolotiki e tla hlahisa ho thewa ha puso e tsitsitseng/ e sebetsang ya Palestina, Palestineng e tla phedisana le Iseraele ka kahisano le ka kgotso.
B. DIQETO TSA KABINETE
1. Ho Ketekwa ha Kgwedi ya Basadi
1.1. Kabinete e amohetse mokotaba le diketsahalo tsa selemo sena tsa ho ketekwa ha Kgwedi ya Basadi,e tlotlang basadi ba fetang 20 000 ba neng ba hwantele Meahong ya Kopanelo (Union Buildings), Pretoria, mohla la 9 Phato 1956 kgahlanong le ho kenyeletswa ha basadi Melaong ya Dipasa.
1.2. Diketsahalo tsa selemo sena di tla ketekwa tlasa mokotaba ona: “Selemo sa Charlotte Maxeke: Kananelo ya Ditokelo tsa Basadi”. Mokotaba ona o amahantswe le ketekelo ya selemo sohle ya kgopotso ya dilemo tse 150 tsa tswalo ya mohale wa Ntwa ya Tokoloho Charlotte Mannya Maxeke.
1.3. Diketso tsa bonatla tsa basadi bana di re kgothaletsa ho aha botjha setjhaba sa rona hore se be matla ho feta pele ka morao ho merusu ya moraorao tjena e entsweng setjhabeng provinseng ya KwaZul-Natal le ya Gauteng, le kgahlamelo e bileng teng boiphedisong le maphelong a setjhaba ka lebaka la COVID-19. Diketsahalo tsena di re bontshitse hore ha re sebedisana re le setjhaba se ratang kgotso, hape se ikobelang molao, re ka hlola phephetso le ha e le efe e re amang.
1.4. Le ha naha ya rona e sebeditse tse kgolo kananelong ya ditokelo tsa basadi, empa mosebetsi o sa le moholo bakeng la ho tiisa tekatekano ya bong le ho lwantsha sekgobo sa ketso tsa dikgoka tse ikamahanyang le bong le tlhekefetso ya basadi le bana setjhabeng sa rona.
1.5. Kabinete e kopile makala ohle a setjhaba sa rona ho atlehisa maano ohle a rona a netefatsang tekatekano ya bong le ho lwantsha diketso tsa dikgoka tse lebisitsweng ho basadi ka ho tlaleha batlodi ba molao seteisheneng se haufi sa sepolesa.
2. Tlaleho ya Komiti e Kopanyang Mafapha (IMC) ya Dipatlisiso mabapi le Sekema sa Naha sa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS)
2.1. Kabinete e amohetse ho ntshuwa ha tlaleho ya Komiti e Kopanyang Mafapha (IMC) ka Sekema sa Naha sa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS). Komiti ena e ile ya hlomamiswa ka kgwedi ya Motsheanong selemong sa 2020 e le hore e lekole mekgwa ya tefo, disistimi le bokgoni ba NSFAS ba ho phetha thomo ya yona ka tshwanelo.
2.2. Dipatlisiso tsena di ile tsa tsepamisa maikutlo mabakeng a mantlha a mathata ao NSFAS e iphumaneng e na le ona le ho phethahatswa ha sekema se setjha sa basari ho tloha ka selemo sa 2018. Dipatlisiso tsena di fane ka ditshitshinyo tsa bohlokwa malebana le ho ntlafatswa ha tshebetso ya NSFAS.
2.3. Kabinete e thabisitswe ke hore tse ding tsa ditshitshinyo tsena di se di ntse di sebedisitswe. Tlaleho ena e ka fumaneha webosaeteng ya Lefapha la Thuto e Phahameng le Kwetliso: www.dhet.gov.za.Kabinete
3. Moralo wa Naha wa Metheo ya Tshebetso (NIP) wa Selemo sa 2050
3.1. Kabinete e amohetse ho phatlalatswa ha Moralo wa Metheo ya Naha ya Tshebetso (NIP) ya selemo sa 2050 bakeng la ditshwaelo tsa setjhaba. Moralo ona o reretswe ho phethahatsa metheo ya moruo ya letsholo la ho tsetela, e boetseng e kopanya meruo ya dinaha tsa Afrika ka tse ding tsa diprojekte tsa tsona tsa mabatowa.
3.2. Ka hodima ho ba letsholo la kgolo ya moruo, moralo ona o tla boela o shebana le mathata a karokarohano ya dibaka tsa bodulo a bakilweng ke puso ya kgethollo ya merabe. O tla tsistsiswa ke seabo sa mmuso, lekala la kgwebo, dikhampani tsa mmuso le seabo sa setjhaba.
3.3. Makala a yona a ka pele a kenyeletsa motlakase, tsamaiso ya thepa, metsi le dikgokahanyo tsa digithale. NIP 2050 e tla kenngwa Koranteng ya Mmuso kapele bakeng la ditherisano tsa setjhaba.
4. Ho Hokahanngwa ha Lekala la Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane (SEFA) le Lekala la Tshebedisano ya Dibanka ho Thewa Lekala la Ntlafatso ya Dikgwebo tse Nyenyane (SEDA)
4.1. Kabinete e amohetse ho hokahanngwa ha SETA le CBDA ho thewa SEDA. Ho kopanngwa ha dikgwebo tsena ho tla thusa tshehetso ya mmuso e kopantsweng nqa e le nngwe ya dikgwebo tse nyenyane (di-SMME) le dikoporasi ho tloha mohla la 1 Mmesa 2022.
4.2. Lekala lena le sisinngwang le tla tshehetsa dikgwebo tsena ka ditjhelete le ka mekgwa e meng e sa hlokeng tjhelete. Ka ho kopanya disebediswa tsohle nqa e le nngwe, lekala lena le tla ba le matla le be le fihlellehe dibakeng tsohle tsa ditereke le ho bommasepala ba baholo.
4.3. Kgokahano ena e amohetsweng e tla thusa hore SEDA e boele e abelwe sehlopheng se seng hape sa dikgwebo (se tla boela se tsebiswa hamorao) ho latela Molao wa Tsamaiso ya Ditjhelete tsa Mmuso (PFMA), wa selemo sa 1999 (Molao wa pele wa selemo sa 1999) ho tloha ho Kemiso ya 3A ho ya Kemisong ya 2.
4.4. Kabinete e amohetse ho ekeletswa nako ha Boto ya SEFA ho fihlela mohla la 31 Tlhakubele 2022 molemomg wa tokiso e isang qalehong ya ditlhophiso tsa nakwana.
5. Ditlwaelo le Maemo Bakeng la Tshebetso e Bolokehileng ya Bohahlaodi Nakong ya COVID-19 le Nakong ya Dikoduwa tse Ding
5.1. Kabinete e amohetse ditlwaelo le maemo bakeng la tshebetso e bolokehileng ya Lekala la Bohahlaodi maemong a COVID-19 le a dikoduwa tse ding tse kang yona.
5.2. Ditlwaelo tsena le maemo ana di fana ka mehato ya polokeho e akaretsang eo bonyane e ka nkuwang ho netefatsa hore ho etswa dintho ka ho tshwana lekaleng la bohahlaodi ka bophara. E tla sheba ditshebeletso tse kang bodulo, dijo, batataisi ba bahalaodi, dikhasino, manyalo le ditshebeletso tse ding tse amanang le tsena.
5.3. Jwale tjena re boemong bo lekanang le ba mebaraka ya matjhaba mme hona ho tla re thusa hore re bulele ho amohelwa ha bahahlaodi ba matjhaba.
6. Seboka sa Naha sa Phallo le Ho Fallela Ditoropong Afrika Borwa
6.1. Kabinete e ananetse Seboka sa Naha sa Phallo le Ho Fallela Ditoropong Afrika Borwa se ileng sa tshwarwa ka vidio ho tloha mohla la 26 ho isa mohla la 30 Phupu 2021. Phallo le Ho Fallela Ditoropong e bile karolo ya dintlha tse nne tse hlahellang ka pele lenaneng la rona la Maano a Setjhaba ho tloha ka 2015.
6.2. Seboka se bokeletse dintlha tsohle tse teng, tsebo le tlhahisoleseding e amanang le phallo le ditlwaelo tsa ho fallela ditoropong ka hare ho naha. Tlhahisoleseding e jwalo e sebetsa e le bopaki ba mantlha bakeng la ntlafatso ya lenaneo lena, ho kenyeletswa le ho etswa ha meralo makaleng a mararo a puso ya rona.
6.3. Seboka se ne se hlophisitswe ka kopanelo le mafapha a amehang a mmuso, boradiphuputso le setjhaba. Seboka sena se atlehile ho theha Foramo ya Dintlha tsa Phallo le Ho Fallela Ditoropong le Diphuputso tse tla ba sesiu sa tsebo bakeng la ho tshehetsa mosebetsi wa phallo le ho fallela ditoropong.
7. Ho kgethwa ha Afrika Borwa e le Setsi sa Lebatowa sa Maemo a Lehodimo a Sepakapaka sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Bofofisi ba Setjhaba (ICAO)
7.1. Kabinete e amohetse, ya ba ya thabela ho kgethwa ha Afrika Borwa ho ba Setsi sa Lebatowa sa Boemo ba Lehodimo ba Sepakapaka bakeng la ICAO. Kgetho ena e ile ya phatlalatswa ka mora hore Afrika Borwa e fumantshwe diphetho tse ntle tsa ho hlahlojwa ke ICAO.
7.2. Afrika Borwa, ka Lekala la Afrika Borwa la Naha la Sepakapaka, e kgethetswe ho fana ka tlhahisoleseding ya boemo ba lehodimo ba sepakapaka, eo jwale e leng maemo a amohetsweng ke ICAO bakeng la ditlhoko tsohle tsa bofofisi.
7.3. Afrika Borwa e fuwe dilemo tse tharo hore e phahamise boemo ba mothamo wa yona wa tshebetso oo ha jwale o notlehileng malebana le diltlhoko tsa ICAO. Ditlhoko tsena di hloka ditshebetso tsa bosiu le motsheare ka matsatsi ohle, moo ho nang le sehlopha se tsitsitseng sa balepi ba kwetlisitsweng le ditsebi tsa bafuputsi ba sepakapaka. E bile e fuwe tumello ya ho sebetsa mmoho le Tshebeletso ya Basebedisi ba Maemo a Lehodimo a Sepakapaka sa Bafofisi ya Kopano/ Tumellano ya Dinaha tsa Makgonthe tsa Yuropa.
7.4. Ho kgethwa hona ho neha Afrika Borwa monyetla wa ho hodisa lekala la yona la theknoloji ya saense le boenjiniere le boqapi/ ntlafatso ya boqapi, hape e totbatsa hore naha ya rona ke mohlahisi wa bohlokwa wa lefatshe mosebetsing wa saense ya sepakapaka.
8. Tumellano ya Tshebedisano ya Mabatowa a Afrika bakeng la Diphuputso, Ntlafatso le Kwetliso e amanang le Saense ya Nutlelie leTheknoloji (AFRA)
8.1. Kabinete e amohetse ho neheletswa Palamenteng ha tumellano e lekotsweng botjha ya AFRA bakeng sa dilemo tse ding tse hlano. AFRA ke tumellano e pakeng tsa mebuso e thehilweng ke dithonaha tsa Afrika ho tiisa le ho anetsa tshusumetso ya saense ya nyutlelie le theknoloji ntlafatsong ya boiphediso ba setjhaba kontinenteng ya Afrika.
8.2. Afrika Borwa ke setho se hlwahlwa sa AFRA hape e sebetsa mmoho le dithonaha tse ding ho ntshetsa pele merero ya tumellano ena kontinenteng ya Afrika.
9. Leano la Naha la Botshwasi ba Ditlhapi tsa Metsing a Hlwekileng
9.1. Kabinete e amohetse Leano la Botshwasi ba Ditlhapi tsa Metsing a Hlwekileng bakeng sa tshebediso. Leano lena le fana ka puso ya taolo bakeng la lekala la botshwasi ba dibakeng tse ka hare ho naha. Le boetse le hlophisa mesebetsi ya jwalle e sa rerwang hape e sa natswang ya botshwasi bo boemong bo fatshe.
9.2. Leano lena, hara tse ding, le thusa ka ditsela tsa ho thewa ha mekgatlo ya puso tsamaisong ya botshwasi ba ditlhapi; le ho tshehetsa dikgokahano tsa boleng ho botshwasi bo holang ba ditlhapi tse ka hara naha, hape e shebane le dintlha tsa tekano le diphetoho lekaleng lena.
10. Almanaka e sisintsweng ya ho ntshuwa ha phatlalatso ya dipalopalo tsa ditlolo tsa molao bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2021/22
10.1. Kabinete e amohetse almanaka e sisintsweng bakeng sa ho ntshuwa ha dipalopalo tsa kotare le kotare tsa ditlolo tsa molao bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2021/22. Tshitshinyo ena e beha kgwedi ya Phato selemong sa 2021 e le nako ya ho ntsha dipalopalo tsa tlolo ya molao tsa kotare ya pele, ha kgwedi ya Pudungwana selemong sena sa 2021 e tla ba ya ho ntshuwa ha dipalopalo tsa kotare ya bobedi. Dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa kotare ya boraro di tla ntshuwa kgweding ya Hlakubele selemong sa 2022, mme tsa kotare ya bone tsona di ntshuwe kgweding ya Motsheanong selemong sa 2022.
C. Dibili
1. Bili e Fetotsweng ya Batho ba Hodileng ya Selemo sa 2021
1.1. Kabinete e amohetse hore Bili e Fetotsweng ya Batho ba Hodileng ya selemo sa 2021 e romelwe Palamenteng bakeng sa dipuisano. Bili ena e fetola Molao wa Batho ba Hodileng, wa selemo sa 2006 (Molao wa 13 wa selemo sa 2006)
1.2. Diphetoho tsena di reretswe ho matlafatsa mehato ya ho tshireletsa batho ba hodileng. E ntlafatsa ditshebeletso tse fumantshwang batho ba hodileng tse kang dithuso tsa setjhaba, tsa bophelo bo botle, le tsa tlhokomelo e fumanehang setjhabeng le mahaeng a maqheku.
1.3. Bili ena e sisinngwang e hlahisa mokgwa wa tlhokomelo le tekolo ya ditshebeletso tse fumantshwang batho ba hodileng. E boetse e lokisetsa ho tloswa ha batho ba hodileng ba bile ba ena le bokowa ba ntshuwa sebakeng se hlaha kapa se sa baballeng maphelo a bona kantle ho Taelo ya Lekgotla la Dinyewe.
2. Moralo wa Bili e Fetotsweng ya Mekgatlo e sa etseng Phaello (di-NPO) ya Selemo sa 2021
2.1. Kabinete e amohetse ho phatlalatswa ha moralo wa Bili e fetotsweng ya di-NPO bakeng la ditshwaelo tsa setjhaba. Bili ena e fetola Molao wa jwale wa di-NPO,wa selemo sa 1997 (Molao wa 71 wa selemo sa 1997). Molao ona o ne o reretswe ho theha tikoloho e nolofatsang eo ho yona di-NPO di ka thewang mme tsa sebetsa ka botlalo. Boleleleng ba nako dikgeo di nnile tsa hlokomelwa, haholoholo ho di-NPO tse nyenyane le mekgatlong ya setjhaba e thusang ka malapeng.
2.2. Phetoho ena e sisintsweng e shebile ho lokisa diphephetso tse tobaneng le di-NPO tse nyenyane; e lokisa tshebediso e mpe ya di-NPO hape e bebofatsa mekgwa ya ho fihlelleha. E boetse e sisinya ho hlomamiswa ha Mongodi wa di-NPO molemong wa ho matlafatsa ho sebeletswa, tlhokomelo le kgothaletso ya ponahaletso le boikarabelo ba di-NPO.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Letsatsi la Basadi
1.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o tla fana ka puo ya Letsatsi la Basadi ka mokgwa wa vidio ka Mantaha, mohla la 9 Phato 2021, e le karolo ya naha ya rona ya ho keteka Kgwedi ya Basadi tlasa mokotaba o reng: “Selemo sa Charlotte Maxeke: Kananelo ya Ditokelo tsa Basadi”.
E. Melaetsa
1. Thoholetso
Kabinete e lebisitse thoholetso le ditakaletso tsa mahlohonolo ho batho ba latelang:
- Tatjana Schoenmaker, ka ho hapela Afrika Borwa kgau ya pele ya kgauta ya Diolimpiki tse tshwaretsweng naheng ya Japan kamorao ho ho ba le seabo makgaolakganng a tlhodisano ya ho sesa ka sefuba a roba rekoto ya lefatshe. Pejana o ne a ile a hapa kgau ya silivere tlhodisanong ya ho sesa ka sefuba ya dimetara tse 100.
- Bianca Buitendag, ka ho hapa kgau ya silivere makgaolakganng a tlhodisano ya basadi ya ho palama maqhubu. Dikatleho tsena tse ipabotseng Diolimpiking tsa Tokyo di fumantshitse naha ya rona palo ya dikgau tse tharo ha di kopana.
2. Matshediso
Kabinete e lebisitse melaetsa ya matshediso ho malapa le metswalle ya batho ba latelang:
- Ntate Shona Ferguson (ya dilemo di 47), mohlahisi wa thelevishene le filimi le sebapadi sa sebayeng ya bileng le seabo se tsotehang ntlafatsong ya indasteri ya filimi naheng ya rona.
- Ntate Clive Scott (ya dilemo di 84) mokaubere le kgalala ya sebapadi sa sebayeng eo re mo shebeletseng ho di-TV tsa rona ka dilemo tse ngata.
- Ntate Pandelani Jonathan Mudziwa Makhado (ya dilemo di 99), mokaubere wa boitseko ba tokoloho eo e neng e le e mong wa baetapele ba letsholo le kgahlanong le ho sebediswa ha dipasa la 1960, ya bileng hape a nyehela bophelo ba hae boitsekong ba ho lwanela demokrasi le tokoloho.
- Mme Thalitha Monica Lebea-Mampuru (ya dilemo di 87), ya lwanneng ka mokoka bakeng la tokoloho ya naha ena esita le bakeng la Afrika Borwa e hlokang kgethollo ya merabe, e sa kgeseng bong le e lokolohileng. O bile Materone wa pele wa Koletjhe ya Tokoloho ya Solomon Mahlangu (SOMAFCO).
- Ntate Geoff Makhubo (ya dilemo di 53), Majoro wa Phethahatso wa Mmasepala e Molo wa Johannesburg; moetapele ya sa iqeneheleng, hape ya sebetsang ka thata ya ipabotseng ka phano ya ditshebeletso. E ne e le Modulasetulo wa Lebatowa wa African National Congress.
- Ntate Luthendo Benedict Sigogo (ya dilemo di 49), Moahlodi ya Tshwereng Mokobobo wa Lekgotla le Leholo la Mpumalanga le Mokomishinara wa Komishene ya Tshebeletso ya Molao, ya bileng le mosebetsi o babatsehang mosebetsing wa molao, hape e le moetapele ya hlwahlwa mosebetsing wa ho tlisa diphetoho. Hape, o ile a sebetsa e le mopresidente wa Mokgatlo wa Boramolao ba Batho ba Batsho.
- Malapa le metswalle ya ditho tsa Palamente tse sa tswa hlokahala.
F. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. MoadevokheitiNomalanga Petronella Sithole e le Mohlanka ya ka Sehlohong wa Phethahatso wa Lekgotla la Taolo ya Motlakase Afrika Borwa.
2. Mme Danile Nyakale, e le moemedi wa Mokgatlo wa Ntlafatso ya Indasteri Botong ya Bahwebi ba Mmuso ba Taemane.
3. Boto ya Batsamaisi ba Boto ya Ditaba tsa Mobu:
(i) Mme Lusanda Nomasongo Netshitenzhe (Modulasetulo);
(ii) Ntate Masopha Moshoeshoe;
(iii) MoadevokheitiAnthonie Viviers;
(iv) Ngaka James Fraser Bourhill; le
(v) Mme Precious Hlengiwe Makoe.
4. Ditho tsa Tlatletso tsa Boto ya Batsamaisi ba Lekgotla la Afrika Borwa laTaolo ya Taemane le Dimetale tsa Bohlokwa
(i) Ntate Virendra Gangaram Magan; le
(ii) Mme Ndivhuho Munyai.
Ditlhakisetso: Mme Phumla Williams – Mmuedi wa Kabinete
Mohala: 083 501 0139