Kopano ena e Ikgethileng e ile ya tshwara pele ho qala ya Cabinet Lekgotla.
A. Diqeto tsa Kabinete
1. Ho Eketswa ha Nako ya Moralo wa Tlhahiso ya Motlakase o Fehlwang ka Metsi (HSRM)
1.1. Kabinete e amohetse ho otlollwa ha nako ya ho sebediswa ha HSRM dilemo tse ding tse leshome. Lenaneo lena la HSRM le tshehetsa haholo Leano la Afrika Borwa la ho Fehlwa ha Motlakase wa Metsi le neng le tjhaelwe monwana ke Kabinete ka selemo sa 2007 ho lokisetsa naha ena ho kena tshebedisong ya motlakase ona wa metsi. HSRM e ntshetsapele se fihletswe dilemong tsena tse 10 tse fetileng tsa ho lokisetsa Afrika Borwa hore e kene ka botlalo tlhahisong le tshebedisong ya motlakase ona wa metsi.
1.2. HSRM e kopanya ditsela tsohle tsa thekenoloji ena tse neng di sebediswa ke makala a fapafapaneng a moruo mme hape e tshehetsa le kgolo ya moruo o kenyelletsang bohle. Sena se etsa hore Afrika Borwa e tswe pele ka tshebediso ya tjhekenoloji ya ho fehla motlakase ka metsi mme e kgone le ho eketsa thekiso ya dihlahiswa tsa thekenoloji ena dinaheng tsa matjhaba.
1.3. Tlhahiso ya dihlahiswa tsa thekenoloji ena e tla theha menyetla e mengata ya mesebetsi e boele hape e nyolle le maemo a thupello e fetole le maemo a moruo hore ba neng ba tinngwe menyetla setjhabeng, jwalo ka basadi le batjha ba tle ba kgone ho una molemo.
1.4. Tshebediso ya HSRM e tla boela hape e thusa ho fokotseng tshilafalo ya moya. HSRM e tla boela e thusa tlhahisong ya motlakase o hlwekileng o tla eketsa phepelo ya motlakase wa naha mmoho le ho thusa Lekala le Thothang Thepa jwalo ka ha e le lona le nang le kabelo e kgolo tshilafalong ya moya.
1.5. Moralo ona, o ile wa hlahlojwa ke bohle ba amehang ho ona ho kenyeletsa le mafapha a mmuso, ditsebi tsa thuto, makala a ikemetseng le moifo o shebaneng le tsa saense. Ke moralo o matla oo ka ona ho netefaditsweng hore ho kenyeletswa bohle ba amehang thekenolojing ena esitana le hona ho nyolla thupello ya yona naheng ena. Tokomane ya moralo ona e tla fumaneha ho websaete ya Lefapha la Saense le Mahlale: www.dst.gov.za
2. Ho Tlatselletswa ha Selekane sa ho Sireletsa Dihlahiswa tsa Nuclear (CPPNM)
2.1. Kabinete e amohetse ho tliswa ha selekane sa CPPNM Palamenteng hore se pasiswe ho ya ka Karolo ya bo 231(2) ya Molaotheo wa 1996, o bolelang hore: “Selekane sa matjhaba e tla ba setlamo ho Afrika Borwa ha feela se pasisitswe ke Ntlo ya Ketsa Molao le ya Kemedi ya Doprofensi”.
2.2. Diphetoho tse entsweng ke Mokgatlo ona wa Matjhaba o Laolang Tshebediso ya Nuclear (IAEA) sepheo sa tsona ke ho matlafatsa le hona ho sireletsa dibaka le disebediswa tsa nuclear tse sa sebedisetsweng ntwa. Jwalo ka ha Afrika Borwa e le karolo ya IAEA, e ne e saene selekane sena mme ya etsa diphetoho ho sona ka 2007.
2.3. Diphetoho tsena di fana ka tshireletso ho dinaha tseo e leng karolo ya selekane sena, ho kenyeletsa dibaka tse sebedisang nuclear ena mmoho le dihlahiswa tsa yona.
2.4. Selekane sena se hlakisa hantle hore ho reka kapa hona ho rekisetsa dinaha tsa matjhaba dihlahiswa tsa nuclear ntle le tumello ke tlolo ya molao. Se boetse hape se etsa ho be bobebe ho sebedisana ha dinaha tseo e leng karolo ya selekane sena mmoho le ho arolelana ka lesedi mabapi le tshebediso e bohlaswa ya nuclear.
3. Ho Fetolwa ha Tshebediso ya Motjhini o Fehlang Motlakase wa Nuclear o Bitswang SAFARI-1
3.1. Kabinete e amohetse ho thehwa ha projeke e ntjha e sebetsang ka mekgwa e fapafapaneng ya ho fehla motlakase ka mokgwa wa nuclear e tla kena sebakeng sa Motjhini o fehlang motlakase wa nuclear o bitswang SAFARI-1 e neng e laolwa ke Sitsi sa Afrika Borwa se Laolang Motlakase wa Nuclear (NECSA). Metjhini ena haesale e ne e qale ho sebetsa ka 1965 mme e behetswe hore e tlameha ho tjhentjhwa ka 2030.
3.2. SAFARI-1 ke e nngwe ya dikhamphane tse nne tse pele lefatsheng ka bophara tse hlahisang metjhini ena e kopolang bakudi e sebediswang lefatsheng ka bophara selemo le selemo. E ne e boetse hape e tshehetsa naha ena ho tsa dipatlisiso ka tsa saense, tlhahiso ya meriana, tsa temo, dithuto ka masalla a batho le a diphoofolo mmoho le ka bophelo ba motho.
3.3. Diphetoho tsena tse etsuwang di netefatsa hore Afrika Borwa e ntse e tswa pele makaleng ana le hore e kgone ho una molemo thekenolojing ena e ntjha. Projeke ena e tla etellwa pele ke mafapha a fapaneng ho kenyeletsa le yona NECSA jwalo ka moreki wa yona e moholo.
4. Tlaleho ya Bone e Hlahang Kamora Dilemo tse Pedi ya Afrika Borwa ka Tlhweko ya Moya
4.1. Kabinete e thabetse ho fumana Tlaleho ya Bone e Hlahang Kamora Dilemo tse Pedi ya Afrika Borwa ka Tlhweko ya Moya – tlaleho ena e bolela ka moo naha e seng e hatetse pele ka teng ho leka ho ikamahanya le maemo a ho fetofetoha ha maemo a lehodimo ho latela dipehelo tsa Selekane sa Leano la Dinaha tse Kopaneng sa ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo (UNFCCC).
4.2. Tlaleho ena e bolela ka dipehelo le mehato e seng e nkilwe ke naha ho leka ho fokotsa ho silafala ha moya. E boetse hape e hlakisa le ka mehato e seng e nkilwe ho ikamahanya le pehelo ya hore dikhamphane di fokotse tshilafalo ya moya ho latela tokomane ya naha ya Tokomane ya Naha ya Tataiso ya Leano la ho Arabela Tabeng ya ho Fetohafetoha ha Maemo a Lehodimo.
4.3. Afrika Borwa e ikanne hore le yona e tla leka ho fokotsa ho silafala ha moya jwalo ka dinaha tsohle tsa matjhaba. Jwalo ka karolo ya UNFCCC, Afrika Borwa e tlameha ho romela tlaleho ya yona kgafetsa.
5. Tekanyetso ya Naha ya ho Fokotsa Ho Silafala ha Moya (NDC)
5.1. Kabinete e amohetse tlaleho e lekotsweng botjha ya NDC e leng ya ho ipehela tekanyetso ya yona eo e tlang ho fokotsa ka yona ho silafala ha moya ka selemo sa 2030 eo e tlamehang ho e romela ho UNFCCC. Afrika Borwa e fetotse pehelo ya yona ya selemo sa 2025 ya tloha ho tekenyetso ya 398 ho ya ho 510 le ya selemo sa 2030 ya ho tloha ho 350 ho ya ho tekanyetso ya 420 ya ho silafala ha moya.
5.2. Ho ya ka selekane sena, ditho kaofela di tlameha ho romela tlaleho ya tsona dilemong tse ding le tse ding tse hlano. Afrika Borwa e ne e romele tlaleho ya yona ya pele ho UNFCCC ka Mphalane 2015 mme ho yona e ne e tshepise ho fokotsa tekanyetso ya ho silafala ha moya ho tloha ho 398 ho ya ho 614 ka 2030. Selekane sena ho boetswe ka sona ho lekwa ho fokotsa le ho tjhesa ha maemo a lehodimo bonyane ka kgerata tse 1.5 ho ya ho tse pedi.
5.3. Ditho tsohle ho ne ho lebeletswe hore ka 2020 di tlatselletse ditlaleho tsa tsona tsa 2015 hore di ikamahanye le maemo a moraorao a saense. Diphetoho tsena di kenyeletsa le dikgothaletso tsa Moifo wa Makala a Mmuso a shebaneng le ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo le mekgatlo e meng e nkileng karolo boitekong bona ba naha.
B. Tshisinyo ya melao
1. Tshisinyo ya Tlatselletso Molaong o Laolang ho Silafatswa ha Mawatle ke Dikepe ya 2021
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana Tshisinyo ya Molao o Thibelang ho Silafatswa ha Mawatle ke Dikepe ya 2021 hore e ka romelwa setjhabeng hore se hlahise maikutlo a sona ka yona. Maikemisetso ka Tshisinyo ena ke ho etsa diphetoho Molaong wa 2 wa 1986 o Thibelang ho Silafatswa ha Mawatle ke Dikepe hore o ikamahanye le maemo a Selekane sa Matjhaba sa Twantsho ya ho Silafatswa ha Mawatle ke Dikepe (MARPOL).
1.2. Afrika Borwa ke karolo ya MARPOL, selekane sa matjhaba se lwantshang ho silafatswa ha mawatle ke dikepe ka tshebetso le dikotsi tseo di kopanang le tsona.
1.3. Tshisinyo ena ya molao e tla thusa ho fokotsa ho silafala ha mawatle ka ho qhalahana ha oli le dihlahiswa tse ding tse kotsi ho tswa dikepeng.
1.4. Tshisinyo ena e boetse e sisinya hore dikepe di sebedise mafuta a nang le tekanyetso e sa feteng 0,50% ya sebabole kapa di tshele metswako e molaong e hlwekisang mafura a dikepe.
2. Tshisinyo Molaong o Laolang Dikhamphane ya Selemo sa 2021
2.1. Kabinete e amohetse ho romelwa setjhabeng ha Tshisinyo ya Tlatsetso Molaong o Laolang Dikhamphane ho hlahisa maikutlo a sona ka yona. Tshisinyo ena e tlisa diphetoho Molaong o Laolang Dikhamphane wa bo 71 wa 2008. Tshisinyo ena e latela maikutlo a ileng a hlahiswa ke setjhaba ka Phato 2018.
2.2. Tshisinyo ena e hlakisa dintho tse ngata molaong ona ho kenyeletsa le ho nyehliswa ha dipehelo taolong ya dikgwebo, ho tiisa thibelong ya phapanyetsano e seng molaong ya tjhelete, ho eketsa matla a beng ba diabo a taolo ya khamphane le dipehelo tsa ho beha diabo tse ding tseo ba nang le tsona dikgwebong tse ding.
3. Tshisinyo ya Molao wa ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo
3.1. Kabinete e amohetse ho tliswa ha Tshisinyo ya Molao wa Naha wa ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo palamenteng. Tshisinyo ena, e tla bontsha ka moo Leano la Naha la ho Lwantsha Mathata a ho Fetofetoha ha Maemo a Lehodimo le ka kenngwang tshebetsong ka teng.
3.2. Tshisinyo ena e boetse e dumella naha ho tla le maano a tla kgothaletsa naha ena ho lwantsha ho fetofetoha ha maemo a lehodimo. E boetse e bontsha le ka moo naha ena e ka fokotsang ho silafala ha moya ka teng.
3.3. Setjhaba le bohle ba amehang ba se ba hlahisitse maikutlo a bona ka tshisinyo ena.
C. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1. Ntate Smunda Mokoena ke Modulasetulo e motjha wa Mokgatlo wa Naha o Laolang Motlakase (NERSA).
2. Ngaka Margaret Mkhosi-Motsaathebe ke Motsamaise ya ka Sehloohong wa Sitsi sa Naha se Amohelang Matlakala a Metjhini ya Mahlasedi e Hlahlobang Bakudi
Ditlhakisetso:
Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139