A. Maemo a Renang Ha Jwale
1. Kentelo Kgahlanong le Sewa sa Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19)
1.1. Kabinete e ile ya thabiswa ke hore batho ba fetang 260 000 ba ile ba fumana ente mokgahlelong wa bobedi wa letsholo la naha ka bophara la Vooma Vaccination Weekend ho tloha mohla la 12 ho fihlela mohla la 14 Pudungwana 2021.
1.2. Re tlameha ho hopola hore kokwanahloko ena ha e so fediswe, mme kentelo e re tshireletsa ho kuleng ho matla, ho robatswa sepetlele kapa lefu.
1.3. Kentelo e fumantshwa kantle ho tefo bathong bohle ba phelang ka hare ho Afrika Borwa, mme bohle ba dilemo di 12 kapa ka hodimo ba kgothaletswa ho fumana ente. Ha re fumaneng kentelo ho netefatsa hore mmoho le ba malapa a rona le metswalle re keteka nako ya Keresemese ka polokeho le thabo.
2. Motlolo wa Ntshetsopele ya Setereke (DDM)
2.1. Kabinete e amohetse ketelo ya Mopresidente Cyril Ramaphosa Seterekeng sa Ugu, provinseng ya KwaZulu-Natal ka Labohlano la 12 Pudungwana 2021, e leng ketelo e ileng ya totobatsa ntshetsopele ya Lebopo le ka Botjhabela la Lewatle e aparelang dikilomethara tse 600 tsa lebopo la lewatle pakeng tsa KwaZulu-Natal le Kapa Botjhabela.
2.2. Eastern Seaboard Development ke projekte ya mantlha ya DDM, e reretsweng ho theha meruo ya bodulong e kenyeletsang bohle ho fedisweng ha ditlamorao tsa meralo ya puso ya kgethollo ya ho aba dibaka ho latela kgethollo ya merabe. Sepheo sa projekte ena ke ho sebedisa matlotlo a mangata a tlholeho a fumanehang sebakeng sena molemong wa ho hodisa moruo.
3. Tlaleho ya Bajete ya Nako e Mahareng (MTBPS)
3.1. Kabinete e tsheheditse ka botlalo motjha wa ditjhelete o fuperweng ke MTBPS e tekilweng ke Letona la Ditjhelete Enoch Godongwana Palamenteng, Cape Town ka Labone la 11 Pudungwana 2021, e hlakisang ka matla boitlamo ba rona ba tshebediso e hlokolotsi ya ditjhelete tsa setjhaba.
3.2. E le karolo ya boitlamo ba rona ba ho thusa setjhaba, 60% ya bajete ya rona e abetswe kaho ya matlo, ditshebeletso tsa motheo tse sa lefellweng, mananeo a kgiro, bophelo bo botle, thuto le diphallelo tsa setjhaba.
3.3. Mehato e totobaditsweng ke MTBPS e bontsha hore mmuso o na le moralo o hlakileng wa ho tataisa moruo nakong ena ya tshenyehelo e bakilweng ke sewa sa COVID-19, mme o behe naha ya rona tseleng ya kgolo bakeng sa nako e telele.
4. Dipontsho tsa Kgwebo ya ka Hara Afrika tsa Selemo sa 2021 (IATF2021)
4.1. Seboka sa IATF2021 se ileng sa ba le katleho – se neng se tshwaretswe Inkosi Albert Luthuli International Conference Centre motseng wa Durban ho tloha mohla la 15 ho fihlela ka la 21 Pudungwana 2021 – se thusitse ho ntlafatsa tshebedisanommoho le ho matlafatsa kgwebo le matsete ka hara Afrika.
4.2. Seboka sa IATF se ile sa kgobokanya baetapele ba kgwebo ho tla abelana ka tsa kgwebo, matsete, tlhahisoleseding ya mebaraka le ho atolla menyetla ya ho tsetela ka hare ho kontinente. Thepa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa le tsona di ile tsa hlahiswa le ho bapatswa molemong wa ho aha marangrang le tshebedisano bakeng la ho eketsa thomelontle ka hara kontinente.
5. Tshireletso ka Malapeng
5.1. Kabinete e hlahisitse ngongoreho malebana le polokeho ya bana ka morao ho diketsahalo tsa setshohangope tse sa tswa etsahala tsa ho thopuwa ha bana dibakeng tse fapafapaneng tsa naha. Sehleng sena se tlang sa ho keteka, batswadi le bahlokomedi ba bana ba tla tlameha ho ba sedi haholo malebana le polokeho ya bana ba tlhokomelong ya bona le hore ba tsebe hore na ba hokae ka dinako tsohle.
5.2. Batswadi le bahlokomedi ba bana ba kopuwa hore ba buisane le bana bao ba ba hlokomelang ka mehato e akaretsang ya polokeho, ho kenyeletswa le kotsi ya COVID-19 le mehato ya bophelo e nkuwang ho thibela ho nama ha COVID-19. Re boela re kopa batswadi le bahlokomedi ba bana ho sheba hore na ke dife diketsahalo tsa boithabiso tseo bana ba bona ba ka bang le seabo ho tsona ka polokeho, haholoholo batjha.
5.3. Dibokana tse hlahlamang meketjana ya boithabiso ya baithuti ba materiki kapa meketjana ya ho dumedisa baithuti ba materiki di na le bokgoni ba ho hasanya COVID-19 ho feta. Dikopano tse kgolo, haholoholo tseo ho tsona ho nowang jwala, ke kotsi e kgolo maphelong a batho, ebile di sitisa boiteko ba rona ba ho thibela ho nama ha kokwanahloko ya khorona.
6. Ho Thewa ha Makgotla a Kopanelo Pusong ya Lehae
6.1. Kabinete e lebohile bohle bakgethi ba nang le tokelo ya ho kgetha ba ileng ba vouta Dikgethong tsa Puso ya Lehae (LGE) tsa selemo sa 2021 tse ileng tsa tshwarwa mohla la 1 Pudungwana 2021 e le ho netefatsa hore ba tla busa boemong ba bommasepala ke ba kgethilweng ke bona. Kabinete e boetse ya amohela tlaleho ya ditlhophiso tsa kopanelo ya makgotla e sa tswa tsebiswa bakeng la bommasepala bao ho bona ho sa kang ha ba le mohlodi ya fihletseng palo ya tlholo.
6.2. Kabinete e thoholeditse bomajoro bohle le makhanselara kaofela a kgethilweng, hape ya ba lakaletsa katleho mosebetsing wa bona wa bohlokwa wa ho fana ka ditshebeletso tsa bommasepala ho baahi bohle, ho sa natswe hore na ba tshehetsa mekga efe ya dipolotiki. Hape e thoholeditse mekga ya dipolotiki ka mokgwa o kgahlehang oo e ileng ya itshwara ka ona nakong ya dikgetho tsa LGE le dipuisanong tsa kopanelo ya makgotla a metse.
7. Tlamahano ya Setjhaba
7.1. Kabinete e hlokometse maikutlo a ntseng a eketseha a lehloyo la melata le maikutlo a dikarolong tse ding tsa naha a ho nyatsa batho ba tswang kantle ho naha.
7.2. Ho hlasela ha COVID-19 ho amme batho bohle ka hare ho Afrika Borwa mme maikutlo a sa lokang a hlahiswang ke batho ba moelana feela ha a bontshe bonnete ba dikamano tse ntle tse pakeng tsa melata e phelang le ho sebetsa ka hara metse ya rona le baahi ba naha ya rona.
7.3. Kabinete e ipileditse ho baahi ho ba sedi mme ba qobe ho susumeletswa ho hloya batho ba bang empa re tswetswe le bona. E ipileditse hore motho e mong le e mong a etse diketso tsa boikarabelo, hape tse taolong ya molao. Tlalehela sepolesa ketso le ha e le efe ya tlolo ya molao jwalo ka diketso tsa tshoso le moferefere o etswang setjhabeng.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Diphetho tsa Kopano ya 26 ya Seboka sa Mekga (COP26) eo e leng karolo ya Seboka sa Matjhaba a Kopaneng sa Moralo o shebaneng le Phetoho ya Maemo a Lehodimo (UNFCCC)
1.1. Kabinete e ile ya tlalehelwa ke Letona la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho, Mme Barbara Creecy, ka diphetho tsa kopano ya mashome a mabedi a metso e tsheletseng ya COP ho UNFCCC e neng e tshwaretswe motseng wa Glasgow, Scotland, United Kingdom (UK) ho tloha mohla la 31 Mphalane ho fihlela mohla la 13 Pudungwana 2021.
1.2. Seabo sa Afrika Borwa se ile sa tsepama hodima dintlha tsa boitlamo ba yona Tumellanong ya Paris malebana le Phetoho ya Boemo ba Lehodimo ya selemo sa 2015 ho fokotsa tlhahiso ya dikgase tse futhumatsang lefatshe le ho thusa setjhaba sa yona le moruo wa yona ho mamella boemo ba lehodimo. Mohato wa naha wa ho fetohela ho eneji e ntjhafatswang ho tla hlahisa melemo e mengata bakeng la tikoloho le moruo wa rona.
1.3. Kabinete e amohetse Bolekane bo itsibolang ba Phetoho e Lokileng bo thehilweng ke Afrika Borwa, France, Germany, UK, United States le European Union, bo ileng ba phatlalatswa sebokeng sa COP26.
1.4. Kabinete e ananetse nyehelo ya bolekane ya ho sebedisa dibilione tse 131 tsa diranta nakong ya dilemo tse tharo ho ya ho tse hlano tse tlang ho tshehetsa meralo ya Afrika Borwa ya Phetoho e Lokileng. Nyehelo ena e ipapisitse le boitlamo bo tlasa Tumellano ya Paris ba hore dinaha tse tswetseng pele di tshehetse dinaha tse sa ntseng di tswela pele mesebetsing ya tsona e amang boemo ba lehodimo, ho kenyeletswa le Afrika Borwa.
1.5. Komiti e Kopanyang Mafapha eo modulasetulo wa yona e leng Mopresidente Ramaphosa e tla hokahanya ho ya pele mosebetsi moralong ona wa naha wa Phetoho e Lokileng le dinyehelong tsa ditjhelete tse fuwang Afrika Borwa maemong a amanang le bolekane bona.
1.6. Kabinete e tswetse pele ka ho fa mmuso matla a ho kgetha sehlopha sa ditjhelete se akgang ka hare Lefapha la Matlotlo a Mmuso, Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri, Lefapha la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho, Eskom le ditsebi tse ding tsa ditjhelete ho sheba dintlha tsa setekgniki tsa bolekane bona mmoho le nyehelo.
2. Katoloso ya Boemo ba Naha ba Koduwa
2.1. E ipapisitse le dipehelo tsa Karolo ya 27(5) (c) ya Molao wa tsamaiso ya Koduwa, wa selemo sa 2002 (Molao 57 wa 2002), Kabinete e fane ka matla a katoloso ya Maemo a Koduwa ya Naha ho fihlela mohla la 15 Tshitwe 2021. Mehato ena e tswela pele ho thusa ntweng ya naha ya ho thibela ho nama ha COVID-19.
3. Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Batho ba Nang le Bokowa
3.1. Kabinete e ananetse mokgwakgopolo wa ho ketekwa ha Kgwedi ya Tlhokomediso ya Ditokelo tsa Batho ba nang le Bokowa ya selemo sena, e ketekwang selemong se seng le se seng ho tlohaa mohla la 3 Pudungwana ho fihlela mohla la 3 Tshitwe. Mokotaba wa selemo sena ke ona: “Selemo sa Charlotte Mannya Maxeke – Bopa mme o Fihlelle Setjhaba se Kenyeletsang Bohle Ka ho Tsotella Ditokelo tsa Batho ba nang le Bokowa.”
3.2. Letsholo lena le tsepamisitse maikutlo tlhokomedisong ya setjhaba ka batho ba nang le bokowa setjhabeng sa rona, hape le ho ketekela tswelopele eo re e entseng re le setjhaba ho fana ka sebaka sa hore batho ba nang le bokowa ba be le seabo se phelang mosebetsing wa rona wa kgolo ya moruo. Letona le Ofising ya Mopresidente la Basadi, Batjha le Batho ba nang le Bokowa, Mme Maite Nkoana-Mashabane, kapele o tla hlahisa mananeo a beke le beke a ikamahanyang le mokotaba ona.
3.3. Afrika Borwa e ananetse Seboka sa Matjhaba a Kopaneng ntlheng ya Ditokelo tsa Batho ba nang le Bokowa.
4. Tlaleho ya Naha ka Boemo ba Ditokelo tsa Bana
4.1. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Tlaleho ya Naha ka Boemo ba Ditokelo tsa Bana ya selemo se seng le se seng. Ena ke tlaleho ya pele e batsi ya naha ya boemo ba bana e entsweng ho sebediswa Moralo wa naha wa 2019-2024 wa Tshebetso bakeng sa Bana.
4.2. Tlaleho ena e lokodisa dintlha tse amanang le kgatelopele ho phethahatsweng ha melao le maano a reretsweng ho tshireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa bana ho latela Bili ya Ditokelo.
5. Tlaleho ya Mmuso ya Mokga e yang ho Komiti ya Afrika ya Ditsebi tsa Ditokelo le Tlhokomelo ya Bana (ACERWC)
5.1. Kabinete e ananetse Tlaleho ya Afrika Borwa ya Mmuso ya Mokga e tla romelwa ho ACERWC ya Kopano ya Afrika (AU).
5.2. Ena ke tlaleho ya boraro eo Afrika Borwa e e romelang ho ACERWC, ho latela boemo ba yona ba ho ba setho se phethang ditshwanelo tsa AU malebana le tlhokomelo le tshireletso ya bana ka hara kontinente. Tlaleho ena ya jwale, e tla tshwanela ho tekwa ka Tlhakubele 2022, e boetse e arabela ditemoso tse entsweng ke ACERWC tlalehong ya rona ya selemo sa 2016.
6. Tumello e Ikgethang ya Tokollo ya Baahi ba Zimbabwe (ZEP)
6.1. Kabinete e inahanne ka ZEP e melomong ya batho hape ya hlokomela le ditaba tsa mashano tse hasanngwang malebana le ditumello tsena. Tokollo ya pele e ikgethang ya Baahi ba Zimbabwe e qadile ka selemo sa 2009, mme e ne e bitswa Tumello ya Tokollo ya Baahi ba Zimbabwe. E ne e le molemong wa ho ngodisa baahi ba Zimbabwe ba nang le ditshwanelo bakeng sa dilemo tse hlano.
6.2. Ka selemo sa 2014, tokollo ena e ile ya atollwa ka dilemo tse tharo mme ya bitswa Tumello e Ikgethang ya Baahi ba Zimbabwe. ZEP e sebetsang hona jwale e thehilwe ka 2017 mme e tla fellwa mohla la 31 Tshitwe 2021.
6.3. Ho latela dipuisano tsa yona, Kabinete e nkile qeto ya ho se hlole e etsa dikatoloso tsa nako bakeng la ditokollo tse ikgethang tsa Baahi ba Zimbabwe. Le ha ho le jwalo, e nkile qeto ya ho fana ka nako ya mohau ya dikgwedi tse 12 ha ho fellwa ZEP ena e sebetsang nakong ya jwale.
6.4. Nakong ena, basebedisi ba tumello ena ba tshwanela ho etsa kopo ya ho fumantshwa ditumello tse ding tse nyalanang le boemo kapa maemo a bona. Ho feleng ha nako ena ya dikgwedi tse 12, bao ba sa tswelellang ba tla tlameha ho tloha Afrika Borwa kapa ba lelekwe.
7. Tlhophisobotjha ya Sistimi ya Dikgetho ya Afrika Borwa Ho Kenyeletsa Bonkgetheng ba Ikemetseng
7.1. Kabinete e fane ka tumello ya hore tlaleho ya Komiti ya Mafapha ya Boeletsi (MAC) malebana le Diphetoho tsa Sistimi ya Dikgetho e neheletswe Palamente. Diphetoho tsa dikgetho di ile tsa qalwa ka morao ho hore kahlolo ya Lekgotla la Molao wa Motheo ya selemo sa 2020 e bolele hore Molao wa Dikgetho wa selemo sa 1998 (Molao wa 73 wa selemo sa 1998) o thulana le molao wa motheo wa naha jwalo ka ha o shebane le kgetho ya ditho tsa Seboka sa Naha le makgotla a diprovinse ka tshebediso ya mekga ya dipolotiki feela.
7.2. Tlaleho ya MAC e fana ka dikgetho tsa maano a ka lokisang dikarolo tsa Molao wa Dikgetho wa 1998 tse thulanang le molao wa motheo.
8. Moralo wa Dipakana tsa Lekala la Tlhahiso ya Kgase tse Futhumatsang Lefatshe (SETS)
8.1. Kabinete e ananetse moralo wa di-SET o ikamahanyang le kamoo Afrika Borwa e tla phethahatsa Tumellano ya Paris e saennweng ke Seboka sa Mekga eo e leng karolo ya Seboka sa Moralo wa UN ditabeng tsa Phetoho ya Boemo ba Lehodimo ka selemo sa 2015. Moralo ona o tla tataisa katamelo ya mafapha a mmuso a ka sehloohong mosebetsing wa ho hokahanya tshebetso ho abeng le ho phethahatseng di-SET, a sebedisana le mafapha a mang a mmuso.
8.2. Disebediswa tsa meralo kapa Mehato ya Maano (di-PAM) tsa mafapha a boemong ba naha di batla ho fokotsa tlhahiso ya dikgase tse futhumatsang lefatshe karolong ya ona ho latela dipakana tsa lekala la tlhahiso ya dikgase tsena. Di-PAM tsa lekala lena ke tsa bohlokwa phethahatsong ya dipakana tsa lekala la tlhahiso ya dikgase tse futhumatsang lefatshe. Di tla hlaloswa le ho abuwa hang ha Bili ya Phetoho ya Maemo a Lehodimo e se e entswe molao. Di tla phethahatswa nakong ya dilemo tse tharo tse latelanang, mme di lekolwe hape nakong ya dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
9. Dibajete tsa Khabone Boemong ba Khampani
9.1. Kabinete e ananetse katamelo e bitswang Mokgwatshebetso wa Kabo ya Bajete ya Khabone Boemong ba Khampani. Sistimi ya setlamo ya bajete ya khabone e tobaneng le dikhampani tse hlahisang dikgase tse futhumatsang lefatshe haholo e tla thakgolwa ka selemo sa 2023. Sistimi ya dibajete tsa khabone e tla tlama dikhampani tse hlahisang dikgase tse futhumatsang lefatshe haholo hore di amohele manane ao di a newang a tlhahiso ya dikgase tse futhumatsang lefatshe jwalo ka seabo sa boitlamo ba dilemo tse ding le tse ding tse hlano.
9.2. Mokgwatshebetso wa kabo ya bajete ya khabone o hlahisa tema ya phethahatso ya bajete ya setlamo ya khabone hape o thathamisa meralo ya tshebetso e tla sebediswa ha ho balwa ho bile ho abuwa dibajete tsa khabone boemong ba khampani bakeng la sehla sa pele sa setlamo le ho ya pele.
10. Tlhophisobotjha ya Ditereke tsa Bommasepala
10.1. Kabinete e amohetse ho phethwa ha tlhophisobotjha ya ditereke tsa bommaseterata ba diprovinse tse nne tse neng di setse (Kapa Botjhabela, Freistata, KwaZulu-Natal le Kapa Bophirima). Tshebetso ena, e phethahatsang Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, e qadile ka selemo sa 2014 moo ditereke tsa bommaseterata tsa Gauteng le Bokone Bophirima di ileng tsa hlophiswa botjha. Tsa Limpopo le tsa Mpumalanga tsona di ile tsa phethwa ka selemo sa 2016, ha tsa Kapa Leboya tsona di phethilwe ka selemo sa 2018.
10.2. Pele ho selemo sa 1994, ditereke tsa naha tsa bommaseterata di ne di hlophisitswe ho latela kgethollo ya merabe, tlhophiso ena e ne e ntshetsa pele phumantsho ya ditshebeletso tse fokolang ho batho ba batsho ba neng ba phela dibakeng tse putlameng tsa mahae, tsa dinaha tse ipusang le tsa malokeishene.
10.3. Meedi ena ya bolaodi ba makgotla a dinyewe e sisinyeditsweng ho hlophiswa botjha e netefatsa hore sistimi ya toka e fihlelleha ho Maafrika Borwa ohle ka mokgwa o nang le tekatekano. Tshebetso e qetelletseng e hlahile le meedi ena e bile e kenyeletsang bohle, ba akgang lekala la bommaseterata, Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa; Lekgotla la Naha la Botjhotjhisi; Boto ya Thuso ya Molao, Boto ya Meedi ya Bommasepala le bankakarolo bohle ba amehang diprovinseng kaofela.
11. Maano a Tsamaiso ya ho Makallwa ha Mmuso, Bonamodi le Maano a Boemedi ba Mmuso Molaong
11.1. Kabinete e ananetse maano a mararo a malebana le tsamaiso ya ho makallwa ha mmuso, bonamodi le boemedi ba mmuso molaong. Morero wa maano ana ke ho phethahatsa tsamaiso ya dinyewe tsa ho makallwa ha mmuso ka mokgwa o ntlafatsang basebeletsi, hape o fokotsang ditjeho.
11.2. Maano ana a fana ka metheo e akaretsang e tshwanelang ho hlokomelwa le katamelo e tla sebediswa ke Ofisi ya Ramolao/ Mmuelli wa Mmuso (OSA) ha a sebetsana le ditaba tsa ho makallwa ha mmuso. Hape, maano ana a hlahisa mehato e tshwanang le ho fana ka moralo o thusang OSA. Leano lena la bonamodi le boetse le fana ka metjha e meng e ka latelwang bakeng la dinyewe tse ka rarollwang ka mekgwa e ditjeho di tlase ya makgotla a dinyewe.
11.3. Maano ana a ananetsweng a tla sebetsa e le mokgwa wa nakong ena ya ha Molao wa Ramolao wa Mmuso wa 1957 (Molao 56 wa selemo sa 1957), o lokisitsweng, o ntseng o lekolwa botjha.
C. Dibili
1. Bili ya Melao ya Thuto ya Motheo e Lokiswang
1.1. Kabinete e dumetse hore ho romelwe Palamenteng Bili ya Melao e Lokiswang ya Thuto ya Motheo. Bili ena e lokisa Molao wa Dikolo tsa Afrika Borwa, wa selemo sa 1996 (Molao 84 wa selemo sa 1996) le Molao wa Kgiro ya Dititjhere, wa 1998 (Molao 76 wa selemo sa 1998).
1.2. Ditokiso tsena tse sisintsweng di batla ho tiisa disistimi tsa ho ithuta sedikadikweng sa thuto, jwalo ka ha di hlahella Molaong wa Motheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa wa 1996. Ditokiso tsena, hara tse ding, di phethahatsa hore kamohelo ya bana lenaneong la dilemo tse pedi tsa pele ho dilemo tsa sekolo e fihlellehe ho bohle.
1.3. Bili ena e boetse e netefatsa boikarabelo ka hare ho makgotla a taolo ya dikolo, hape e hlakisa maano a kamohelo, a puo le tokomane ya boitshwaro dikolong. Ditokiso tsena tse sisintsweng di tla ntlafatsa ho fihlelleha ha thuto baneng bohle naheng ka bophara.
1.4. Bili ena e se e tswa ditherisanong tsa setjhaba, hape ya finyella le ho bankakarolo bohle ba amehang.
2. Bili ya Lekgetho Lekaleng la Ditjhelete ya Selemo sa 2021
2.1. Kabinete e ananetse ho romelwa Palamenteng ha Bili ya Lekgetho Lekaleng la Ditjhelete ya selemo sa 2021. Bili ena e phethahatsa Molao wa Taolo ya Lekala la Ditjhelete (FSR), Molao wa selemo sa 2017 (Molao 9 wa selemo sa 2017).
2.2. Bili ena e tlama lekala la ditjhelete ho ntsha lekgetho le tla sebedisetswa ho lefella mesebetsi le tshebetso ya makgotla a lekala la ditjhelete a theilweng ho latela Molao wa FSR wa selemo sa 2017. E boetse e tlama ditho tsa koporasi tse ngodisitsweng semolao ho lefa mokitlane wa inshorense ya peheletso ho etsa letlole le tla thusa ditlelaente ha ho etsahala hore banka e putlame.
2.3. Bili ena e lokisa Molao wa Matlole a Pentjhele, wa selemo sa 1956 (Molao 24 wa selemo sa 1956); Molao wa Dibanka, wa selemo sa 1990 (Molao 94 wa selemo sa 1990); Molao wa Dibanka tsa Ditokofele, wa selemo sa 1993 (Molao 124 wa selemo sa 1993) le Molao wa Boeletsi le Ditshebeletso tsa Bonamodi, wa selemo sa 2002 (Molao 37 wa selemo sa 2002), mme o di amahanya le molao wa FSR wa selemo sa 2017 o malebana le makgotla a lekala a ditjhelete.
3. Bili e Lokisang Dikgetho
3.1. Kabinete e fane ka tumello ya hore Bili e thahaseletsweng haholo ya Tokiso ya Dikgetho e romelwe Palamenteng. Bili ena e lokisa Molao wa Dikgetho wa 1998 e le ho lokisetsa ho amoheleha ha ho kgethwa ha bonkgetheng ba ikemetseng ba iketelang ho ya Palamenteng ya Naha le makgotleng a puso ya diprovinse.
3.2. Kgweding ya Phuptjane selemong sa 2020, Lekgotla la Molao wa Motheo le ile la laela Palamente ho lokisa phoso e Molaong wa Dikgetho wa 1998 ho netefatsa hore bonkgetheng ba ikemetseng ba ba le hona ho iketela dikgetho tsa Palamente ya Naha le makgotla a puso ya diprovinse.
3.3. Kabinete e boetse e ananetse ho romelwa ha tlaleho ya MAC e bontshang dikgetho tse ka nkuwang ho lokisa dikarolo tsa Molao wa Dikgetho tse fumanweng di thulana le Molao wa Motheo.
D. Ketsahalo e Tlang
1. Matsatsi a 16 a Boitseko Kgahlanong le Dikgoka tse Lebiswang ho Basadi le Bana selemong sa 2021
1.1. Kabinete e amohetse mokgwakgopolo wa letsholo la Matsatsi a 16 a Boitseko bo kgahlanong le Dikgoka tse lebiswang ho Basadi le Bana. Letsholo lena la tlhokomediso ya setjhaba le tla phethahatswa tlasa mokotaba ona: Selemo sa Charlotte Mannya Maxeke: Matsatsi a 16 a Boitseko – ho tloha ho tlhokomediso ho ya boikarabelong. Letsholo lena ke karolo ya mosebetsi o batsi wa mmuso wa tlhokomediso le tshehetso e phelang ya Matsatsi a 365 a Boitseko.
1.2. Kabinete e re kopa bohle ho tshwela ka mathe le ho ikitlaeletsa ho fedisa ho hatikelwa ha ditokelo tsa basadi le bana ka hare ho naha. Dipalopalo tsa haufinyane tse sa tswa ntshuwa ke Lefapha la Sepolesa tsa tshebediso ya dikgoka ho ba batshehadi le polao ya bona di tshwanela ho ngongorehisa Maafrika Borwa ohle a ratang kgotso le a ikobelang molao.
1.3. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle ho sebedisana molemong wa ho netefatsa hore letsholo lena le kgannela naha ena haufi haholo le ho fihlela tokelo polokeho ya basadi le bana. Letona Nkoana-Mashabane kajeno, mohla la 25 Pudungwana, le tla thakgola letsholo lena.
E. Melaetsa
2. Thohoholetso
Kabinete e thoholeditse le ho isa ditakaletso tsa mahlohonolo ho:
- Ntate Damon Galgut, mongodi ya fumaneng kgau e tummeng haholo ya Booker Prize ya selemo sa 2021 ka nobele ya hae, The Promise, e bile e le Moafrika Borwa wa boraro wa ho fumana kgau ya Booker Prize.
- Sehlopha sa Mamelodi Sundowns sa Basetsana ka ho hlola tlhodisanong e itsibolang ya Makgaolakgang a Ligi ya Mekgatlo e Kopaneng ya Afrika ya Bolo ya Basadi e neng e tshwaretswe motseng wa Cairo, Egypt. Katleho ena ya bona ya bopulamadiboho e tla thusa ntshetsopele ya bolo ya basadi Afrika Borwa ho ya pele.
3. Matshediso
Kabinete e fane ka matshediso ho malapa le metswalle ya:
- Ntate FW de Klerk (ya dilemo di 85), Mopresidente wa mehleng ya pele ho demokrasi ya bileng a ba Motlatsi wa Mopresidente Pusong ya Kopanelo ka selemo sa 1994. Ka kopanelo le Mopresidente Nelson Mandela, o ile a amohela Kgau ya Kgotso ya Nobel ka selemo sa 1993 ka lebaka la mosebetsi wa bona wa ho fedisa puso ya kgethollo ya merabe ka kgotso, le ka ho theha meralo bakeng la Afrika Borwa e ntjha ya demokrasi.
- Ntate Wilbur Smith (ya dilemo di 88), mongodi ya tummeng lefatsheng ka bophara, ya rekisitseng dibuka tse fetang dimilione tse 140. E ne e le thatohatsi ya mongodi le radipale ya balellwang ho dikakapa tsa bangodi ba naha ya rona.
- Ntate Tubby Reddy (ya dilemo di 62), Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso wa mehleng wa Komiti ya Mekgatlo e Kopaneng ya Dipapadi le Diolimpiki wa Afrika Borwa (SASCOC), ya ileng a sebetsa ka boinehelo ntshetsopeleng ya dipapadi Afrika Borwa.
F. Kgiro
Pele batho bohle ba hirwa ho netefatswa mangolo a bona a thuto.
1. Ntate Lucky Charles Mohalaba jwalo ka CEO ya Lekala la Tsamaiso ya Botshwasi la Inkomati-Usuthu.
2. Moprofesara Azwihangwisi Edward Nesamvuni jwalo ka Modulasetulo wa Boto ya Setsi sa Naha ya Afrika Borwa sa Mefutafuta ya Dintho tse Phelang.
3. Ntate Lemogang Pitsoe jwalo ka CEO ya Koporasi ya Afrika ya Ho Utulla Dirashwa le Ditjhelete.
4. Ntate Nasele Nathan Mehlomakulu jwalo ka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Kanetso ya Dijo le Phetolo ya Thuo ya Mobu Lefapheng la Temo, Phetolo ya Thuo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng.
5. Boto ya Balaodi ba Letlole la Ditlhapiso tsa Basebetsi
(i) Ntate Paul Serote (Modulasetulo);
(ii) Ntate Gerald Boitumelo Mokgoro;
(iii) Ntate Tibor Szana;
(iv) Mme Valerie Manamane Rennie;
(v) Ngaka Zukiswa Pinini;
(vi) Mme Ndivhuwo Manyonga;
(vii) Mme Gys Myburgh McIntosh;
(viii) Ntate Mandla Shezi;
(ix) Ntate Adam Letshele;
(x) Ngaka Sethole Reginald Legoabe;
(xi) Mme Elma Mary Burger;
(xii) Moruti Ntombizine Madyibi;
(xiii) Mme Vuyiswa Miya;
(xiv) Ntate Fani Xaba;
(xv) Mme Sumaya Hoosen;
(xvi) Ntate Kevin Cowley;
(xvii) Ngaka Hilko Johannsmeier;
(xviii) Ntate Jan Mahlangu;
(xix) Mme Naledi Tsipane;
(xx) Ntate Janek Wilimiec;
(xxi) Ntate Edward Malometje Thobejana; le
(xxii) Mme Desugee Pillai.
6. Boto ya Balaodi ba Tshebeletso ya Afrika Borwa ya Boemo ba Lehodimo
(i) Mme Feziwe Yolanda Renqe;
(ii) Mme Mmapula Moreen Kgari;
(iii) Mme Sandika Daya;
(iv) Mme Moipone Edith Magomola;
(v) Ntate Mmaphaka Ephraim Tau;
(vi) Ntate Itani Phaduli;
(vii) Moprofesara Ndivhudzannyi Sylvester Mpandeli; le
(viii) Ngaka Grant Reagon Son.
7. Boto ya Balaodi ba Ntshetsopele ya Indasteri ya Moaho
(i) Ntate Khulile Vuyisile Nzo (Modulasetulo);
(ii) Moprofesara Susanna Gertruida Bouillon (Motlatsa Modulasetulo);
(iii) Mme Yvonne Deliwe Mbane;
(iv) Ntate Tumelo Gopane;
(v) Ntate Sibusiso Makhanya;
(vi) Mme Karabo Joyce Siyila;
(vii) Mme Moloko Benadette Rabosiwana;
(viii) Mme Ertia Boitumelo Mokgatle;
(ix) Mme Celeste Margo le Roux;
(x) Ntate Danny Lesiba Masimene;
(xi) Mme Thuthuka Siphumezile Songelwa;
(xii) Mme Bongekile Zulu; le
(xiii) Ntate Khuliso Kennedy Maimela.
8. Boto ya Balaodi ba Tshebeletso ya Monamodi wa Dikema tsa Setjhaba
(i) Mme Marvellous Phindile Mthethwa (Modulasetulo);
(ii) Ntate Sediko Rakolote;
(iii) Mme Julia Ramataboe;
(iv) Mme Deshni Subbiah;
(v) Ntate Mthokozisi Daluxolo Xulu;
(vi) Ntate Donovan Vincent Goliath; le
(vii) Mme Ntombikayise Sithole.
9. Boto ya Balaodi ba Lekgotla la Taolo ya Ditsebi tsa Lekala la Thepa
(i) Ntate Steven Piet Ngubeni (Modulasetulo);
(ii) Mme Pamela Nonkululeko Makhubela;
(iii) Moadvokate Mxolisi Sphamandla Nene;
(iv) Ntate Terry Kevin Johnson;
(v) Ntate Thato Ramaili;
(vi) Mme Thokozani Radebe;
(vii) Mme Thuthuka Siphumezile Songelwa;
(viii) Ntate Shaheed Peters;
(ix) Mme Nokulunga Makopo; le
(x) Mme Pamela Beatrice Snyman.
(xi) Mme Veruska Gilbert (Moemedi ho tswa Lefapheng la Kgwebo, Indasteri le Tlhodisano)
10. Boto ya Balaodi ba Lekgotla la Naha la Boingodiso ba Diahi tsa Metse
(i) Mme Nomusa Mufamadi (Modulasetulo);
(ii) Ntate Francois Beukman;
(iii) Ntate Kganki Matabane;
(iv) Mme Nontuthuko Chiluvane;
(v) Mme Mandy Jayakody;
(vi) Ntate Refilwe Lediga;
(vii) Mme Morwesi Ramonyai;
(viii) Mme Siphindile Memela;
(ix) Mme Nomthandazo Lucia Ncalane-Ngcobo;
(x) Mme Kedibone Tsiloane;
(xi) Ntate Roy Mnisi;
(xii) Mme Shelly Huntley;
(xiii) Mme Sasa Subaban; le
(xiv) Mme Zodwa Matiwane.
11. Ditho tsa Khansele ya Lekgotla la Taolo ya Matlo a Setjhaba a Bodulo:
(i) Mme Busisiwe Nzo (Modulasetulo);
(ii) Mme Pulani Thobejane-Mogotsi
(iii) Mme Lahlane Malema;
(iv) Mme Sanele Masiza;
(v) Mme Yvonne Deliwe Mbane;
(vi) Mme Lebogang Shole;
(vii) Mme Ayanda Olifant;
(viii) Mme Zimbini Hill;
(ix) Mme Confidence Tshilande;
(x) Ntate Kevin Kiewitz;
(xi) Ntate Ashley Latchu; le
(xii) Ntate Mashukudu Maboa.
12. Boto ya Balaodi ba Lekala la Ntshetsopele ya Matlo a Bodulo:
(i) Ngaka Tshilidzi Ratshitanga (Modulasetulo);
(ii) Mme Marina Dumakude (Motlatsa Modulasetulo);
(iii) Ngaka Manqoba Soni;
(iv) Mme Nalini Maharaj;
(v) Ntate Rajesh Makan; le
(vi) Mme Magdeline Tshabalala.
Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebuedi sa Kabinete
Selefouno: 083 501 0139