A. Ditaba tse Itlhommeng Pele
1. Boiphumano le Maiteko a Kahobotjha Kamora Dikgohola
1.1. Kabinete e rorisitse le ho ananela mosebetsi wa batho le mekgatlo yohle e kentseng letsoho maitekong a hore batho ba iphumane, le kahongbotjha kamora dikgohola tse mpe dikarolong tse ding tsa naha, haholoholo KwaZulu-Natal. E lebohile mekgatlo yohle eo eseng ya mmuso, ya ditumelo, baahi, beng ba dikgwebo le mekgatlo e thusang e faneng ka dijo, diaparo, dikobo, dipakana tse sebediswang ke bomme ha ba le matsatsing le diaparo tsa sekolo malapeng a tlokotsing a sa kgoneng ho iphumanela tsa motheo tseo a di hlokang.
1.2. Setsi Sa Taolo ya Dikoduwa se ntse se tswela pele le ho kopanya makala ohle a mmuso maitekong a sona a ho fana ka thuso ya diphallelo malapeng ohle a amehileng. Batho ba fetang 7 000 ka palo ba fuwa botshabelo diterekeng tse nne tse amehileng haholo KwaZulu-Natal.
1.3. O qadile mosebetsi wa ho fumantsha malapa a amehileng bodulo ba nakwana ditsheng tseo e leng tsa mmuso tse hlwauweng KwaZulu-Natal tse ka sebedisetswang ho ahela batho. Kabinete e tiisitse boinehelo ba mmuso ba ho laola matlole a dithuso tsa kamora dikgohola ka hloko le ka ho se pate letho. Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete Afrika Borwa o fana ka tshebeletso ya tlatsetso ya peholeihlo mme tlhophisobotjha ya ditjhelete e ikamahanya le mokgwatshebetso wa mmuso wa ditekanyetso tsa ditjhelete.
2. Tsa Morao tsa Lefu la Coronavirus (COVID-19)
2.1. Kabinete e ipileditse ho batho bohle ba Afrika Borwa ho nka mehato ya ho itshireletsa ho thibela ho ata ha COVID-19 kamora hore dipalopalo tsa morao tjena di bontshe hore palo ya batho ba tshwaetsehang le ba kulang e a eketseha jwalokaha mariha a se a kene.
2.2. Kabinete e hopoditse bohle ho tswela pele ka ho itshireletsa le batho ba bang ka ho hlapa matsoho kgafetsa, ho rwala dimonkwana ha motho a le kahara moaho, ho se atamelane le ba bang, ho bula difenstere moya o kene, le ho enta.
2.3. Ente e ntse e le tshireletso e matla kgahlano le COVID-19 hobane e thibela ho kula haholo, ho robatswa sepetlele le ho hlokahala. Ha o hloke hore o be le aterese ya moo o dulang teng hore o ente. Mang kapa mang ya nang le bukana ya boitsebiso le ya se nang yona a ka enta mahala dibakeng tsohle tsa setjhaba tsa ho enta naheng ka bophara.
3. Kgethollo ya Mmala ha e Fele!
3.1. Kabinete e nyatsitse diketso tsa kgethollo ya mmala ka matla naheng ena, ho kenyeletsa diketsahalo tse tlalehilweng tsa Sekolo se Phahameng sa Good Hope Seminary le Yunivesithi ya Stellenbosch, Kapa Bophirima. Diketso tsena tse mpe di kgahlano le makgabane a Molaotheo ao naha ya rona e thehuweng hodima ona, a kenyeletsang seriti sa botho, ho se kgethollane ka mmala, ho se kgethollane ka bong, toka setjhabeng, ho se be leeme, le hlomphano.
3.2. Molaotheo wa Riphaboliki ya Afika Borwa wa 1996 ke ona o re tataisang hore re fedise dikarohano tse mpe le diketso tsa kgale tsa tlhokeho ya toka. Ho ipiletswa ho batswadi ho ruta bana ba bona ho se ikamahanye le diketso tsa kgethollo ya mmala le ho atlarela diphapano jwaloka karolo ya letsholo la rona le tsitlalletseng ho kgothaletsa kaho ya setjhaba le momahano ya setjhaba.
3.3. A re sebetseng mmoho ho pepesa diketso tsa kgethollo ya mmala hohle moo di bonahalang di amoheleha mme re romele molaetsa o hlakileng o reng ha di a amoheleha naheng ya rona ya demokrasi.
4. Dikamano tsa Afrika Borwa le Germany
4.1. Kabinete e ananetse leeto la semmuso le bileng le katleho la Tjhanselara ya Riphaboliki ya Federale ya Germany, Monghadi Olaf Scholz, Afrika Borwa ka Labobedi la la 24 Motsheanong 2022.
4.2. Tjhanselara Scholz o etetse kwano semmuso a menngwe ke Mopresidente Cyril Ramaphosa, eo e leng moetapele wa letsholo la mmuso la ho kgothaletsa dikamano tse ntle tsa lebatowa le matjhaba, mmoho le ho hohela matsete a hlokwang ka matla.
4.3. Hara tse ding baetapele bana ba babedi ba buisane ka ditsela tsa ho ntlafatsa tshebedisano ho tsa eneji le diphetoho maemong a lehodimo, kgwebisano le matsete, le mekgwa ya ho lwantsha COVID-19 le tlhokeho e matla ya ente. Ba boetse ba buisana ka diketsahalo tsa kontinenteng ya Afrika le matjhabeng, ho kenyeletsa ntwa ya Ukraine le kamoo e amang moruo wa lefatshe le phumaneho ya dijo le eneji.
4.4. Germany ke molekane wa bobedi e moholo kgwebisanong le Afrika Borwa, mme e boetse ke naha ya boraro eo e leng mohlodi wa bahahlaudi ba mose, e tsetela haholo naheng ena mme ke molekane ho tsa ntshetsopele.
5. Seboka sa Lefatshe sa Bohlano sa Phediso ya Mosebetsi wa Bana
5.1. Kabinete e ananetse ho phethelwa ka katleho ha Seboka sa Lefatshe sa Bohlano sa Phediso ya Mosebetsi wa Bana se neng se tshwaretswe Durban ho tloha ka la 15 ho ya ho la 20 Motsheanong 2022. Ba amehang ba tswang lefatsheng ka bophara ba ne ba le sebokeng sena se neng se tshwerwe ka tshebedisano le Mokgatlo wa Lefatshe wa Basebetsi.
5.2. Kamora ho buisana ka mesebetsi e metle e kentsweng tshebetsong ke dinaha tse fapaneng le ho hlwaya tse salletseng morao le mehato e potlakileng e hlokehang bakeng sa ho potlakisa phediso ya ya ho etsa bana makgoba le ho qobellwa ha bana ho sebetsa, ho thehilwe ‘Durban Call to Action’ ho sebetsana le bothata ba ho etsa bana makgoba.
5.3. Ho etsa bana makgoba ke ntho e mpe e etswang ke setjhaba mme e beha bana pontsheng ya maemo a kotsi. Ke tlhekefetso mme e thibela bana ho fumana thuto le menyetla e meng e ka ba ntshetsang pele. Ngwana e mong le e mong wa Afrika Borwa o na le tokelo e ke keng ya phehiswa ya ho sireletswa diketsong tse sotlang mosebetsing.
5.4. Tokelo ya thuto ya motheo e kentswe Molaong wa rona wa Motheo mme ho ya ka Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa wa 1996 (Molao 84 wa 1996), “motswadi e mong le e mong o tlameha ho netefatsa hore morutwana e mong le e mong eo a mo hodisang o kena sekolo ho tloha letsatsing la pele la sekolo selemong seo ngwana a qetang dilemo tse supa ho sona ho fihlela letsatsi la ho qetela la sekolo selemong seo ngwana a qetang dilemo tse 15 kapa a bang ho kereiti ya borobong ho sona, ho tla ya ka hore ke efe e etsahalang pele.”
5.5. Ho ya ka Molao wa Bana wa 2005 (Molao 38 wa 2005), “ha ho motho ya ka sebedisang, a reka, a fana ka ngwana hore a sebetse kapa a hire ngwana”.
B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kananelo ya ho ba karolo ya Tumellano ya Matjhaba ya Tshireletso ya Batho Bohle ba Nyametswang ke Mapolesa (ICPPED)
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana tokomane ya tlhahiso ya ICPPED palamenteng bakeng sa tekolo ha Afrika Borwa e lohotha ho ba karolo ya tumellano ena. Ke tumellano e tlamang dinaha tse e saenneng tsa Matjhaba a Kopaneng (UN) e sebetsanang le tlolo ya ditokelo tsa botho ka mokgwa wa ho nyametswa ha batho ke mapolesa.
1.2. Tumellano e hlalosa ho nyametswa ke mapolesa ho qobelletsweng ho kenyeletsa kwetelo, ho tshwarwa ke mapolesa, ho kwallwa kapa mekgwa e meng e ka bakang hore sesenyi se hane ho dumela kapa se pate hore lehlatsipa le kae.
1.3. Ha tumellano e se e ananetswe e kenyeleditswe le melaong ya naha ena, ho tla lebellwa hore Afrika Borwa e tlalehele Matjhaba a Kopaneng dilemo tse ding le tse ding tse pedi ka kamoo e sebedisang tumellano ena kateng. Tumellano e fana ka mehato eo dinaha tseo e leng ditho di ka e nkang ho thibela ho nyametswa ha batho.
2. Tlaleho ya Bone ya Naha ya Afrika Borwa ya Tshireletso le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Botho
2.1. Kabinete e ananetse tlhahiso ya Tlaleho ya Bone ya Naha ya Tshireletso le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Botho Lekgotleng la Matjhaba a Kopaneng la Ditokelo tsa Botho. Tokomane ena e tla lekolwa hamorao selemong ke lekala la Matjhaba a Kopaneng le lekolang diketsahalo tse amang ditokelo tsa botho dinaheng tseo e leng ditho tsa UN. Afrika Borwa e se e lekotswe makgetlo a mararo esale e ba karolo ya Tumellano ya Ditokelo tsa Botho ya Matjhaba a Kopaneng, mme tekolo ya ho qetela e entswe ka Loetse 2017.
2.2. Tlaleho e fana ka tsa morao tse mabapi le dikgothaletso tse 187 tse amohetsweng tsa motjha wa tekolo wa 2017. Ho qotsitswe maikutlo a mang dintlheng tse netefaditsweng, tlhahisoleseding e tswang mafapheng a amehang, ditheo tse tshehetsang demokrasi le mekgatlo ya baahi e amehang.
2.3. Kabinete e motlotlo ka kgatelopele e entsweng ha ho kenngwa tshebetsong dikgothaletso tsena le ka dikarolo tseo ho ntseng ho sebetsanwa le tsona. Tlaleho e tla phatlalatswa ha e se e teketswe Mokgatlo wa Matjhaba ka Phato 2022.
3. Leano la Botsamaisi ba Metsi a Merafo la 2022
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana hore ho kenngwe tshebetsong Leano la Botsamaisi ba Metsi a Merafo la 2022. Leano lena le fana ka mekgwa ya ho sireletsa le ho baballa metsi. Le setletsa mesebetsi ya merafong le boikarabello ba merafe ba ho netefatsa tshebediso ya metsi ya ho ya ho ile bakeng sa naha.
3.2. Hara tse ding, leano le hlakisa mesebetsi le boikarabello ba makala a mararo a mmuso malebana le tse amanang le metsi a merafo. Diphetoho tse sisintsweng di tla rarolla mathata a ho tlisa dikotlo kgahlano le merafo e silafatsang metsi mme di bebofatse tshebediso ya molao o reng ba silafatsang ba lefe. Leano lena le hlahisitswe ho ikamahantswe le Molao wa Naha wa Metsi, 1998 (Molao wa 36 wa 1998).
4. Tlaleho ya Moralotshebetso o Nahanelang Bong wa Merero, Ditekanyetso tsa Ditjhelete, Tekolo ya Peholeihlo le Bohlahlobi ba Dibuka tsa Ditjhelete
4.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Moralotshebetso o Nahanelang Bong wa Merero, Ditekanyetso tsa Ditjhelete, Tekolo ya Pehololeihlo le Bohlahlobi ba Dibuka tsa Ditjhelete.
4.2. Kabinete e amohetse kgatelopele e matla e entsweng ke mafapha a fapaneng a mmuso a kentseng tshebetsong moralotshebetso o ananetsweng ka 2019.
4.3. Mafapha a mang a se a behile pele maano a tla tataisa mananeo a matjha a tla shebana le ditlhoko tsa basadi, batjha le batho ba sa itekanelang. Kabinete e kopile hore ho be le mekgwa e matla ya peholeihlo le tlaleho, haholoholo mafapheng a so kenye ditlaleho tsa ona.
5. Puisano ya Batjha ya ho Tlotla Nelson Mandela (NMYD)
5.1. Kabinete e tjhaetse monwana hore ho be le NMYD selemo le selemo ho tloha ka 2022. NMYD ya pele e tla ba ka la 07 ho ya ho la 20 Phupu 2022. Bona ke boiteko ba Bopresidente ba ho neha batjha ba kontinente ena lepatlelo la ho tshwara ditherisano tse ahang ka ditaba tse ba amang.
5.2. Dipuisano tsena tse tla bua ka Mopresidente wa mehleng ya hlomphuwang haholo matjhabeng Nelson Rolihlahla Mandela, di tla thakgola meqoqo e amanang le ho otlella tlwaelo ya boetapele bo kgabane Afrika.
5.3. Dipuisanong tsena batjha ba tla nehwa monyetla wa ho abelana ka botjhaba ba bona. Boiteko bona bo tla boela bo matlafatse dikamano tsa batho ka ho otloloha hara batjha ba kontinente. Lefapha la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelang le tla fana ka dintlha tsa lenaneo la diketsahalo hamorao.
6. Tlaleho ya Selemo le Selemo ya Peholeihlo ya Tshebetso ya Ntlafatso ya Basadi le Tekano ya Bong, Ntshetsopele ya Batjha le Ntshetsopele ya Ditokelo tsa Batho ba sa Itekanelang ya 2021/22
6.1. Kabinete e fumane tlaheho ya selemo le selemo ya peholeihlo ya tshebetso ya 2021/22 e malebana le ntlafatso ya basadi, batjha le batho ba sa itekanelang. Tlaleho e latella ditshupo tsa bohlokwa ntshetsopeleng ya tekatekano, boemo ba khiro le thuo le seabo sa dihlopha tsena tsa batho diketsahalong tsa mafapha le ditheo tsa mmuso.
6.2. Tlaleho e bokeleditswe ho ikamahantswe le moralo, tekanyetso ya ditjhelete, peholeihlo, tekolo le moralotshebetso wa Hlahlobo ya Dibuka tsa Ditjhelete o tsepameng ho bong o ananetsweng ke Kabinete ka 2019.
C. Dibili
1. Bili ya Tlhomathiso ya Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Tlhomathiso ya Bophelo bo Botle le Polokeho bakeng sa hore setjhaba se ntshe maikutlo ka yona. Sepheo ka Bili ena ke ho ntlafatsa bophelo bo botle le polokeho tsa basebetsi ba merafong, ho kenyeletsa tikoloho eo tshebetso ya merafong e etsahalang ho yona. Bili e fetola Molao wa jwale wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong wa 1996 (Molao wa 29 wa 1996).
1.2. Hara tse ding ditlhomathiso tse lokisitsweng di hlakisa dikgopolo tse ding tse kahara Molao, di matlafatse moralotshebetso wa bophelo bo botle le polokeho mme di o amahanye le mekgwa ya tshebetso e tswang pele lefatsheng ha ho tluwa ho tsa polokeho merafong.
2. Bili ya Tlhomathiso ya Molaotheo ya Leshome le Metso e Robedi ya 2022
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Tlhomathiso ya Molaotheo ya Leshome le Metso e Robedi ya 2022 hore setjhaba se ntshe maikutlo ka yona le hore Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Ditjhankana, Monghadi Ronald Lamola a ntshe tsebiso e nang le dintlha tsa tlhomathiso e sisintsweng ya Molaotheo.
2.2. Bili e fetola Karolo ya 6(1) ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996, e tsebahatsang hore dipuo tsa semmuso tsa Afrika Borwa tse 11 ke Sepedi, Sesotho, Setswana, siSwati, Tshivenḓa, Xitsonga, Afrikaans, English, isiNdebele, isiXhosa le isiZulu.
2.3. Ditlhomathiso di tla tlisa hlompho Puong ya Matsoho ya Afrika Borwa (SASL) jwaloka puo ya bo-12 ya semmuso naheng ena mme sena se tla ntshetsa pele puo le ba e buang se boele se tiise tekano ya ditokelo tsa Maafrika Borwa ohle, ho sa kgathallehe maemo a bona. Lefapha la Thuto ya Motheo le se le ananetse Puo ya Matsoho jwalo ka puo ya lapeng.
D. Diketsahalo tse Tlang
1. Beke ya Tshireletso ya Bana
1.1. Afrika Borwa e tla keteka Beke ya Tshireletso ya Bana ya Naha ho tloha ho la 29 Motsheanong ho ya ho la 4 Phuptjane 2022 tlasa mookotaba o reng: “A re Sireletseng Bana nakong ya COVID-19 le Kamora moo.”
1.2. Bekeng ena ho tla tsepamiswa maikutlo ntlheng e kgolo naheng ya ho ima ha batjha, e leng ntho e totileng haholo ka nako ya COVID-19 ha batjha ba bangata ba beleha ka 2020.
1.3. Kabinete e ipileditse ho batswadi, mekgatlo ya baahi, ya ditumelo tse fapaneng le baahi ka kakaretso ho sebedisana le ho thusa ho lwantsha keketseho ya ho ima ha batjha.
2. Seboka sa Lefatshe sa Moruo (WEF)
2.1. Afrika Borwa e na le seabo ho WEF e tla tshwarelwa Davos-Klosters, Switzerland ho tloha ka la 22 ho ya ho la 26 Motsheanong 2022, tlasa mookotaba o reng: “Re Sebetsa Mmoho ho Kgutlisa Tshepo”.
2.2. Afrika Borwa e thabela monyetla wa ho ba karolo ya tharollo le ho abelana ka boiphihlelo ba rona sebokeng sa lefatshe. Boteng ba rona WEF bo bohlokwa haholo ho phahamiseng lebitso la rona sebakeng sa matsete sa lefatshe, ho abelana le lefatshe ponelopele ya rona ya bokamoso le ho totobatsa tse ntjha tse seng di sibollotswe kahara naha.
3. Kgwedi ya Batjha
3.1. Kabinete e tjhaetse monwana Lenaneo la Kgwedi ya Batjha la 2022 tlasa mookotaba o reng: “Ntshetsopele ya mekgwa ya ho iphedisa ya moshwelella ya batjha le matla a bona molemong wa bokamoso bo tjhatsi.”. Letsatsi la Batjha le tla ketekwa semmuso Kapa Botjhabela.
3.2. Monongwaha ho tla be ho ketekwa selemo sa bo-46 esale baithuti ba itseka ka la 16 Phupjane 1976, Soweto, ba ipelaetsa kgahlano le ho qobellwa ho ithuta dithuto kaofela ka puo ya Afrikaans ke mmuso wa kgethollo.
3.3. Ka moya oo wa Phuptjane 1976, Kabinete e ipileditse ho batjha ba naha ena ho lwantsha tlhokeho ya mosebetsi e ntseng e eketseha ya batjha ka ho ba le seabo mananeong a ntshetsopele a kang a thupelo ya mosebetsi e lebisang ho fumaneng mangolo, le mananeo a thupelo ya mosebetsi bakeng sa ba seng ba na le mangolo.
3.4. Mmuso o sibollotse mananeo a nang le molemong wa ho tshehetsa ho thehwa ha mesebetsi bakeng sa batjha le ho thehwa ha mesebetsi ya nakwana. Dikgwebo le tsona di kgothaletswa ho hohella batjha mosebetsing ka ho ba thehela menyetla ya mesebetsi.
3.5. Lenaneo la batjha bakeng sa kgwedi ya Phuptjane le kenyeletsa diketsahalo tse fapaneng ho tloha ho thakgolweng ha letsholo la dipulamadiboho tsa batjha, ho thakgolweng ha Lenaneo la Moemedi wa Letshwao wa NYDA le diketsahalo tse ding tsa tshebeletso ya naha ya Batjha naheng ka bophara.
3.6. Letona la Basadi, Batjha le Batho ba sa Itekanelang Lefapheng la Bopresidente haufinyane le tla hlakisa lenaneo kaofela. Ho lebelletswe hore diketsahalo tsohle tsa batjha di ikamahanye le melawana ya bophelo bo botle ya COVID-19.
4. Seboka sa Lefatshe la Metseng ya Mahae
4.1. Mmuso, ka tshebedisano le ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso, o tla ba le Seboka sa Lefatshe la Metseng ya Mahae ka Labohlano la la 27 le ka Moqebelo wa la 28 Motsheanong 2022 molemong wa ho buisana ka ditaba tse amanang le thuo ya mobu.
4.2. Ditaba tsena di kenyeletsa motjha wa ho tloswa ha lefatshe la metseng ya mahae Mmusong le iswa ho beng ba lona ba loketseng, e leng se bohlokwa bakeng sa matlafatso ya baahi ba metseng ya mahae. Ho se be teng ha thuo ya lefatshe ka molao metseng ya mahae ho fokodisa ditokelo tsa beng ba lefatshe le ho fokotsa bokgoni ba bona ba ho le sebedisetsa ho ntlafatsa maphelo a bona le a maemo a bona a ditjhelete.
E. Melaetsa
1. Mahlohonolo
Kabinete e lebohisitse le ho lebisa ditakalletso tse ntle ho:
- Mme Leanne Manas, sebohodi sa lenaneo la SABC la Morning Live, ya hlomphilweng ka Kgau e Tlotlang Tshebetso e Ipabotseng ya France ho tswa naheng ya France ka Labobedi la la 17 Motsheanong 2022, bakeng sa seabo sa hae boqolotsing ba ditaba, kgasong le mesebetsing e meng e fapaneng ya ho thusa setjhaba.
2. Matshediso
Kabinete e lebisitse matshediso malapeng le metswalleng ya bana:
- Monghadi Mpho Moerane (52), Ramotse wa mehleng wa Masepala wa Johannesburg, eo e neng e le radipolotiki ya neng a lwanela ditokelo tsa batho e bile e le mohlanka wa batho ba Johannesburg. Pele a e ba Ramotse e bile setho sa Komiti ya Ramotse ya Tikoloho le Meralo ya Ditshebeletso.
- Ngaka Deborah Fraser (56), sebini se hapileng dikgau tse ngata mminong wa sedumedi se neng se sa tswa hlomphuwa ka Doctor of Philosophy in Sacred Music ke Christian Leadership Academy.
- Ngaka Namane Magau (70), serutehi se neng se hlompheha e bile e le setho se hlomphehang sa Boto ya Bahlokomedi ba Ditjhelete ba Lekgotla la Naha la AIDS Afrika Borwa.
- Monghadi Mike Schüssler (60), eo e neng e le setsebi se hlomphehang sa moruo Afrika Borwa, e le mokaubere indastering ena mme a na le maikutlo a tjhatsi ka maemo a moruo wa Afrika Borwa.
- Monghadi Jamie Bartlett (56), sebapadi se neng se tlotlwa Afrika Borwa sa kalaneng le dipapadi tsa thelevisheneng se neng se hapile dikgau tse ngata, se tumme ka seabo sa sona jwaloka Mike O'Reilly ho Isidingo le David Genaro ho Rhythm City.
- Kabinete mmoho le Mopresidente Ramaphosa ba boetse ba lebisitse matshediso mmusong le bathong ba United Arab Emirates (UAE) kamora ho hlokahala ha Mopresidente Sheikh Khalifa bin Zayed Al Nahyan (73) wa UAE.
F. Khiro
Ho tlameha hore ho netefatswe mangolo a thuteho a ba hirwang mme ho netefatswe hore ha ba e so ka ba tlola molao.
1. Monghadi Bongani Sinenhlanhla Dladla ke Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso Botong ya Ntshetsopele ya Indasteri ya tsa Kaho.
2. Mongadi Shabeer Hamid Khan ke Akhaontente e Kgolo Matlotlong a Naha.
3. Mme Mendoe Ntswahlana ke Mohlanka ya ka Sehloohong Thekong ya Thepa, Matlotlong a Naha.
4. Kabinete e dumellane le ho hirwa ha ba latelang bakeng sa ho tlatswa ha dikgeo Botong ya Balaodi ya Letlole le Leholo la Eneji:
(i) Monghadi Mosimaneotsile Jim Besnaar;
(ii) Mme Unati Nombakuse-Figlan.
Dipatlisiso:
Mme Phumla Williams – Mmuedi wa Kabinete
Selfounu: 083 501 0139