A. Ditaba tse Itlhommeng Pele
1. Moruo
1.1. Kabinete e ananetse kgatelopele tsa morao tjena tse kgothatsang, maitekong a mmuso ao sepheo ka ona e leng ho kgothaletsa kgolo ya moruo. Ho ya ka dipalopalo tsa morao tjena tsa tlhokeho ya mosebetsi tse tswang ho ba Dipalopalo Afrika Borwa, tlhokeho ya mosebetsi e fokotsehile ho tloha dipersenteng tse 35.3 kotareng ya bone ya 2021 ho ya dipersenteng tse 34.5 kotareng ya pele ya 2022. Ke kotara ya bobedi jwale sekgahla se atolositsweng sa tlhokeho ya mosebetsi se fokotseha. Mesebetsi e mengata e fumanwe makaleng a ditshebeletso tsa baahi le a setjhaba, makaleng a tlhahiso le a bohwebi.
1.2. Tlhahiso yohle ya kahara naha kotareng ya pele ya 2022 e hodile ka persente tse 1.9% mme sena sa lekanya moruo wa rona le nakong ya pele ho sewa sena. Kotareng eo, lekala la tlhahiso e bile lona le sebetsang ka matla mme le bile le kgolo tlhahisong ya petroliamo le dikhemikhale, dijo le dino, le dimethale le metjhini.
1.3. Phaello tsena tse itekanetseng di bontsha hore moruo wa rona o ntse o le matla le hore maiteko a kang Leano la Tlhophisobotjha le Tsoseletso ya Moruo a ntse a matlafala. Kabinete e ipiletsa ho bohle ho tshehetsa dikgwebo le diindasteri tsa lehae ka ho reka dihlahiswa le ditshebeletso tsa tsona.
1.4. Kabinete e boetse e ananetse qeto ya mokgatlo wa ditekolo wa S&P Global ya ho lekolabotjha maemo a Afrika Borwa a ho kgona ho lefa melato ya yona – ho tloha maemong a tsitsitseng ho ya ho a matle. Mokgatlo ona o boetse o behile bokgoni ba naha ba ho lefa melato ya ditjhelete tsa dinaha tse ding ho BB minus le ya tjhelete ya kwano ho BB.
2. Theko ya tsa ho Iphedisa
2.1. Lefu la Coronavirus (COVID-19) le ntwa e ntseng e tswela pele lefatsheng di bile le kameho e matla thekong ya tsa ho iphedisa lefatsheng ka bophara. Maafrika Borwa le ona a tsieditswe ke theko e nyolohang ya mafura, dijo le tse ding tsa bohlokwa.
2.2. Re lokela ho sebetsa mmoho, re thusane re boele re baballe disebediswa tsa rona nakong tsena tse boima. Mmuso o etsa ka hohle kamoo o ka kgonang kateng ho thusa bohle, haholoholo ba futsanehileng.
2.3. Banka ya Afrika Borwa e Kgolo e sebetsang hantle, e matla le e ikemetseng e thusa ho sireletsa setjhaba ditlamoraong tsa boleng ba tjhelete ka ho tsitlallela infleishene e seng batsi; e tlase ha ho bapiswa le ya dinaha tse ding.
2.4. Kabinete e ananetse qeto ya Matlotlo a Naha ya ho eketsa nako ya ho fokotswa ha Lekgetho la Mafura la Kakaretso (GFL). GFL e fokoditswe ka R1.50 bakeng sa litara ya mafura ka Mmesa le Motsheanong, mme sena se tla tswela pele le ho tloha ho la 1 Phuptjane ho ya ho la 6 Phupu 2022.
2.5. Kabinete e boetse e ananetse qeto ya Khomeshene ya Ditlhodisano ya ho beha ditheko tsa dintho tsa bohlokwa leihlo, haholoholo pehelo ya hore dikgwebo di lokela ho fana ka mabaka a ho eketsa ditheko tsa dihlahiswa.
3. Kopano ya tsa Kgwebo ya Japan le Afrika Borwa
3.1. Kabinete e ananetse diphetho tsa Kopano ya morao ya tsa Kgwebo ya Japan le Afrika Borwa, eo ho yona ho dumellanweng ka lenaneo le leholo la mosebetsi le kenyeletsang tshebedisano ho tlisweng ha diphetoho ho tsa tikoloho, ditheknolojing tsa dipalangwang tsa motlakase le mehlodi ya motlakase ya tsa tlhaho.
3.2. Kopanong ho boetse ho dumellanwe ka hore ho be le letsholo la marangranng la ho hlakisa menyetla e teng Afrika Borwa ho beng ba dikgwebo ba Japan, ntshetsopele ya boiphihlelo indastering ya lehae ya tlhahiso ya makoloi, menyetla ya tlhahiso le phapanyetsano ya boiphihlelo ho tsa tekgniki.
3.3. Japan ke e nngwe ya dinaha tseo e leng balekane ba bohlokwa kgwebisanong le rona mme e tsetela haholo makaleng a fapaneng Afrika Borwa, ho tloha ho tsa tlhahiso ya makoloi ho ya metjhining e tswang pele ya merafong, le ho tloha ho kgwebo ho tsa temothuo ho ya ditshebeletsong tsa ditjhelete.
3.4. Kabinete e boetse e ananetse ho thehwa ha Mokgwatshebetso wa Barekisetsi ba Dinaheng tse ding ba Batho ba Batsho ke Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano (dtic), molemong wa ho kopanya difeme tse romelang thepa e entsweng naheng ena dinaheng tse ding lefatsheng. Mokgwatshebeso ona o tla thusa kabelanong ya tlhahisoleseding, bokgoni le tsebo, mme o tsamaya mehlaleng ya dikatleho tsa Lenaneo la Beng ba Diindasteri ba Batho ba Batsho.
4. Eneji
4.1. Mehato ya rona ya ho netefatsa boteng ba motlakase o sa timeng nako e telele e matlafaditswe kamora hore ho nehelanwe ka Karolo ya 4 ya Sebaka sa ho Fehla Motlakase sa Kusile, Mpumalanga. Ho nehelana hona ke letshwao la phihlello ya bohlokwa matsapeng a Eskom a ho tsitsisa mokgwatshebetso wa motlakase mme ho tla eketsa dimekawate (MW) tse 800 keriting ya matla.
4.2. Kabinete e elelletswe hore kaho ya dikarolo tse nne tsa tse tsheletseng tsa ho fehla motlakase e phethetswe projekeng ya Kusile ya ho Fehla Motlakase.
4.3. Kabinete e ananetse ho eketswa ha bokgoni bo bong ba ho fehla motlakase keriting, e leng ntho e kgonahaditsweng ke ho dumella bahlahisi ba motlakase ba ikemetseng hore ba hlahise motlakase. Mmuso o sa tswa saena tumellano ya ho reka dimekawate tse 150 ho Scatec ASA, bao e leng bahlahisi ba motlakase o tswang mehloding ya tlhaho.
5. Lekgotla la Boeletsi la Matlafatso ya Batho ba Batsho e Batsi Moruong (B-BBEE)
5.1. Kabinete e ananetse ho kgethwa ha Lekgotla le letjha la naha la Boeletsi la B-BBEE.
5.2. Lekgotla le na le batho ba bangata ba tswang makaleng a kgwebo, mekgatlo ya basebetsi, mekgatlo ya baahi le ditheo tsa thuto e hodimo, ba tla thusa ho tataisa mmuso ho tlisweng ha diphetoho moruong.
5.3. Leha ho bile le kgatelopele e kgahlisang e molemong wa ho lokisa tse senyehileng nakong ya mmuso wa kgethollo, ho sa na le tse ngata tse lokelang ho etswa ho matlafatsa botsamaisi ba batho ba batsho, ho matlafatsa ntshetsopele ya bokgoni le ho atolosa phumano ya thepa le ditshebeletso molemong wa ho neha batjha le basadi ba batho ba batsho menyetla.
6. Dikgohola
6.1. Dithuso tse ntseng di tswella tsa mmuso diprovenseng tse anngweng ke dikgohola di etsa phapang e kgolo. Mmuso o behile pele phumantsho ya dijo, metsi le botshabelo bakeng sa batho ba tlaletsweng ke naha, le ho lokiswa ha meralo ya ditshebeletso e senyehileng. Ho sebetswa ka matla ho tsoseletsa ditshebeletso tsa motheo tse kang metsi, motlakase, bohlweki le tsamaiso ya dikgwerekgwere.
6.2. Ke tjhelete e ka bang dimiliyone tse R189, 217 e sebediswang Lenaneong la Ntlafatso ya Mekhukhu leo ka lona sepheo e leng ho fetola boleng ba bophelo ba ba phelang mekhukhung.
6.3. Ho boetse ho na le dimiliyone tse R733, 086 tsa Ntshetsopele ya Nyehelo ya Phumantsho ya Matlo tse tla thusa ho thehweng ha bodulo ba moshwelella le bo momahaneng ha batho.
6.4. Kabinete e ananetse thuso ya botho e tswang naheng ya Qatar ya dijo, diaparo, di-generator, dihlwekisametsi, metjhini e thusang bakudi ho phefumoloha, ditente le disebediswa tsa bongaka. Nyehelo ena e tla thusa batho ba fetang 4 000 ka palo ba fuweng bodulo ba nakwana ditsing tsa tlhokomelo tsa baahi. Kabinete e boetse e ananetse thuso ya botho e tswang United Arab Emirates (UAE) ya dijo le metsi ho thusa mahlatsipa a dikgohola.
7. Ho Thehwa ha Letlole la Ntshetsopele ya Setjhaba
7.1 Kabinete e ananetse ho thehwa ha Letlole la Mesebetsi ya Setjhaba ke Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC) o sebedisana le lefapha la Bookamedi le dtic. Tshehetso ena e tla thusa ho theha menyetla ya mesebetsi ya nakwana bakeng sa batjha ba ka bang 50 000, e leng mesebetsi e tla tswela setjhaba molemo e etswang metseng.
7.2 Tshehetso e tla kenyeletsa tlhokomelo ya bophelo bo botle le ya baahi, dijo le phepo e ntle ka mokgwa wa dibaka tsa ho phehela batho, ntshetsopele ya ho ngola le ho bala, mananeo a ho hlokomedisa ka tsa tikoloho le a ho lwantsha diphetoho maemong a lehodimo mmoho le maiteko a ho tshehetsa batjha. Letlole le tla tshehetsa dikgwebo tse 26 tsa baahi le tse sa iketsetseng phaello.
8. Bosenyi le Bobodu
8.1. Kabinete e ananetse ho tshwarwa ha batho mabapi le diketso tsa manyofonyofo, ho patwa ha mehlodi ya ditjhelete tse seng molaong le bobodu. Ba tshwerweng ba kenyeletsa bao e neng le bahlanka ba hodimo mmusong le dikgwebong tsa mmuso, mme ba bang ba bona ba tobane le diqoso tse kenyeletsang ho tlolwa ha Molao wa Botsamaisi ba Ditjhelete tsa Setjhaba, 1999 (Molao wa 1 wa 1999). Ho tshwarwa ha batho bana ho kenyeletsang le ho tshwarwa ha mohlanka wa Lefapha la Ditaba tsa Kahara Naha, Setsing sa Kamohelo ya Baphaphathehi sa Desmond Tutu, Pretoria, ya belaellwang ka ho nka tjotjo ho letswantle, ke bopaki ba hore ha ho motho eo molao o sa tlo mo fihlela mme ha ho sebaka sa basebetsi ba sa tshepahaleng lekaleng la setjhaba.
8.2. Kabinete e boetse e ananetse kgatelopele e bonahalang pusetsong ya baena ba ha Gupta, Rajesh le Atul, Afrika Borwa. Sena se latela ho tshwarwa ha morao ha bona Dubai, UAE, kamora hore Mokgatlo wa Matjhaba wa Mapolesa a Bosenyi (Interpol) o ntshe ditsebiso tsa ho ba batla. Bobedi bona bo a batleha Afrika Borwa mabapi le seabo sa bona ho hatjweng ha mmuso, ho kenyeletsa manyofonyofo le ho patwa ha mehlodi ya ditjhelete tse seng molaong. Ditherisano pakeng tsa mekgatlo ya tshebetso ya molao ya naha ya UAE le Afrika Borwa ka pusetso ya bona naheng ya rona di tswela pele. Ho tshwarwa ha bona ke sesupo sa maikemisetso a mmuso a ho lwantsha bosenyi le bobodu ntle le tshabo kapa leeme.
8.3. Ho tshwarwa ha bona ke sesupo sa metjha le mekgwa e sebetsang hantle ya hore ba belaellwang ka bosenyi ba ikarabelle diketsong tsa bona tse mpe le ho netefatsa hore ha ho ya kahodima molao.
8.4. Kabinete e nyatsitse boiteko bo se nang dihlong ba ho kgella mmuso le naha ya rona fatshe kamora hore ho senngwe hampe kheibole Karolong ya 1 ya Seteishene sa ho Fehla Motlakase sa Matla sa Eskom, Mpumalanga. E ne e le ketsahalo ya bone ya tshenyo e belaellwang seteisheneng sa ho fehla motlakase kamora hore diketsahalo tse tshwanang le eo di tlalehwe diteisheneng tse ding tse tharo dibekeng tse mmalwa tse fetileng.
8.5. Dipalopalo tsa morao tjena tsa diketso tsa bosenyi ke pontsho ya hore re tlameha ho leka ka matla re le setjhaba ho etsa hore ho be le polokeho metseng ya rona. Dintlha tsena di re hopotsa hore ho lwantsha bosenyi ke boikarabelo ba setjhaba le hore kaofela ha rona, ho kenyeletsa mapolesa, baetapele ba dipolotiki, baahi, malapa, beng ba dikgwebo, basebetsi le mekgatlo ya baahi, re lokela ho ba le seabo twantshong ya bosenyi.
8.6. Kabinete e na le tshepo ya hore ditjhelete tse ding tse behetsweng thoko ke Lefapha la Mapolesa bakeng sa diteishene tsa mapolesa tse nang le palo e hodimo ya melato ya dipolao, dipeto le diketso tse ding tsa bosenyi ba dikgoka, di tla thusa ho fetola maemo le ho tlisa polokeho metseng.
9. Tsa Morao tsa COVID-19
9.1. Kabinete e hopoditse bohle hore COVID-19 ha e so fele mme dikotsi tsa tshwaetso tse ntjha di tla eketseha nakong ya mariha. Re tlameha ho tswela pele ho nka mehato ya bohlokwa ya ho itshireletsa le ba bang. E kenyeletsa ho hlapa kapa ho hlwekisa matsoho kgafetsa, ho rwala semonkwana ha o le kahara moaho, ho se atamelane le ba bang, ho bula difenstere hore ho kene moya le ho enta.
10. Seboka sa African Union (AU)
10.1. Kabinete e amohetse tsebahatso, boitlamo le boinehelo bo ananetsweng Sebokeng se sa Tlwaelehang sa AU sa Boferekanyi le Diphetoho tse sa Tsamaelaneng le Molaotheo Afrika se neng se tshwaretswe Malabo, Republic of Equatorial Guinea, ka Moqebelo wa la 28 Motsheanong 2022.
10.2. Baetapele ba Afrika ba lekotse ditshoso tse pheelletseng, ba lekola mekgwa ya jwale ya ho di arabela mme ba itlama ho matlafatsa polokeho ya dinaha tseo e leng ditho tsa AU tse tobaneng le boferekanyi le bongangele.
11. Lefu la Monkeypox
11.1. Kabinete e tiiseditse Maafrika Borwa hore balaodi ba rona ba tsa bophelo bo botle ba malala a laotswe ho beha leihlo le ho thibela lefu la Monkeypox kamora hore le qhome dinaheng tse se nang lona. Leha ho se motho ya fumanweng a na le lefu lena Afrika Borwa, balaodi ba tsa bophelo bo botle naheng ba tswela pele ho beha maemo ana leihlo.
B. Qeto ya Kabinete
1. Puisano le Setjhaba ka Mehato ya ho Sebetsana le Kgwebo e seng Molaong ya Masalla a Ditshepe
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana hore ho be le dipuisano le setjhaba mabapi le ditshisinyo tsa ho thibela kgwebo ya masalla a ditshepe tse utswitsweng le tse lokisitsweng. Boshodu ba masalla a ditshepe le dikheibole tsa koporo meralong ya ditshebeletso ya setjhaba bo sitisa tshebetso ya moruo ka ho baka ditjeho tse hodimo.
1.2. Tse ding tsa ditshitiso di kenyeletsa tshitiso ya phepelo ya motlakase le ditshebeletso tsa diterene ka lebaka la diporo tse sentsweng. Ho sitisa tsamaiso ya dipalangwang tsa bapalami ho eketsa ditefello tsa ho tsamaya. Dikheibole tsa motlakase tse sentsweng le tse sa bolokehang di kotsi ho baahi, haholoholo bana.
1.3. Kabinete e laetse dtic ho etella pele dipuisano bakeng sa nako e itseng, le ho nonya maikutlo a setjhaba le makala a loketseng, ka mehato e sebetsang hantle eo mmuso o ka e kenyang tshebetsong ho thibela ho senngwa ha meralo ya ditshebeletso ya bohlokwa. Kamora moo, Kabinete e tla tsebahatsa mehato e tjhaetsweng monwana.
C. Diketsahalo tse Tlang
1. Seboka sa Matjhaba se Mabapi le Theknoloji Polokong ya Kgotso (PTPS) sa Matjhaba a Kopaneng (UN)
1.1. Afrika Borwa e tla tshwara seboka sa Botshelela sa PTPS Lekgotleng la Diphuputso tsa Saense le Diindasteri Pretoria ho tloha ka Labobedi la la 21 ho ya ho Labohlano la la 24 Phuptjane 2022. Ho lebelletswe baromuwa ba 300 ba tswang dinaheng tse 50 tseo e leng ditho sebokeng sena.
1.2. Seboka se kopanya ba nang le thahasello ho tswa sesoleng, sepoleseng, le batho ka kakaretso Dinaheng tseo e leng Ditho tsa Matjhaba a Kopaneng molemong wa hore ba sebetse mmoho tshebedisong ya ditheknoloji tsa sejwalejwale le tse tswetseng pele le dikgopolotaba matsholong a poloko ya kgotso a Matjhaba a Kopaneng. Seboka se tla sebediswa jwaloka lepatlelo la ho abelana ka tlhahisoleseding le ho qothisana lehlokwa bakeng sa dinaha tseo e leng ditho tsa UN tse nang le seabo matsholong a ho boloka kgotso ka tshebediso ya ditheknoloji tsa morao tjena matsholong ana.
2. Tlhodisano ya Naha e Tshwarwang Kamora Dilemo tse Pedi e tla Tshwarwa Lekgetlo la Bone ya WorldSkills South Africa (WSZA)
2.1. Ho tshwerwe Tlhodisano ya Naha ya Kamora Dilemo tse Pedi ya Bone ya WSZA, Inkosi Albert Luthuli International Convention Centre, KwaZulu-Natal ho tloha ka la 7 ho ya ho la 10 Phuptjane 2022 tlasa mookotaba: “Ntlafatso ya Tlhahiso ya ba Etsang Mesebetsi ya Matsoho Mongwahakgolong wa bo-21”.
2.2. Ketsahalo ena e sebedisetswa ho ntlafatsa boiphihlelo ba batho ba etsang mesebetsi ya matsoho jwaloka mosebetsi o ka phedisang motho le ho lebisa tshebedisanong le ba bang indastering ena. Ketsahalo ena e boetse e sebedisetswa ho lekola boemo ba boithuto ba mosebetsi le ntshetsopele ya ba etsang mesebetsi ya matsoho hodima ho kgothaletsa ho kgethwa ha mesebetsi ya matsoho jwaloka kgetho ya pele ya baithuti ba rona.
D. Molaetsa
1. Matshediso
Kabinete le Mopresidente Ramaphosa ba lebisitse matshediso Lelapeng la Boreneng le setjhabeng sa Borena ba Maphoto kamora ho hlokahala ha Motlotlehi Morena e Moholo Zanozuko Tyelovuyo Sigcau.
E. Khiro
Ho tlameha hore ho netefatswe mangolo a thuto a ba hirwang mme ho netefatswe le hore ba ha ba e so ka ba tlola molao.
1. Monghadi Jacob Ganny Mbele jwaloka Molaodi-Kakaretso (DG) Lefapheng la Diminerale le Eneji.
2. Mme Pumeza Nwabisa Nodada jwaloka Motlatsa-Molaodi-Kakaretso (DDG): Botsamaisi ba Meru Lefapheng la Meru, Botshwasi le Tikoloho.
3. Mme Susan Mafanedza Masapu jwaloka Moeletsi ya ka Sehloohong wa Mmuso wa Molao Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo.
4. Mme Doris Tshepe jwaloka Mokhomeshenara Khomesheneng ya Ditlhodisano.
5. Ngaka Alex Mahapa jwaloka Moeletsi ya Ikgethang wa nako tsohle ho Letona le Tshwereng Mokobobo lefapheng la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso.
6. Moadvokheiti Rams Ramashia jwaloka Moeletsi ya Ikgethang wa dinako tse itseng wa Letona le Tshwereng Mokobobo lefapheng la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso.
Dipatlisiso: Mme Phumla Williams – Mmuedi wa Kabinete
Selfounu: 083 501 0139